“Ke Entsoe ka Mokhoa o Hlollang”
“KE TSOA hokae?” Ena ke potso eo bana ba bangata ba banyenyane ba atisang ho e botsa ka nako e ’ngoe. Ha bana ba ntse ba hōla, hangata potso ea bona e teba haholoanyane: “Bophelo bo tsoa hokae?” Ho buisanoe ka potso ena ka lilemo tse likete-kete, ’me hona joale bo-rasaense ba bangata ba talima thuto ea ho iphetola ha lintho e le karabo e utloahalang ea qaka ea tšimoloho ea bophelo. Ha e le hantle, babuelli ba khopolo ea ho iphetola ha lintho ba hlalosa hore bophelo bo itlhahetse feela.
Hoo e ka bang lilemo tse 3 000 tse fetileng, Morena Davida o ile a ngola: “Ke entsoe ka mokhoa o hlollang.” (Pesaleme ea 139:14, NW) Ha re ithuta ka ho eketsehileng ka bophelo, re bona ’nete e eketsehileng mantsoeng ao. Ruri setsebi sa physics, Fred Hoyle o ile a ngola: “Ha litsebi tsa tšebetso ea lik’hemik’hale linthong tse phelang li ntse li sibolla ho eketsehileng ka ho rarahana ho hlollang ha bophelo, ho hlakile hore monyetla oa hore bophelo bo itlhahele feela o fokola haholo hoo o ke keng oa nahanisisoa ka botebo. Bophelo bo ne bo ke ke ba itlhahela feela.”
Ka hona, bophelo bo simolohile hokae? Lihlooho tse peli tse qalang tsa makasine ona li tšohla potso eo. Haeba u rata ho fumana boitsebiso bo eketsehileng, ka kōpo ngolla Watch Tower, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740, kapa atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 2.