Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w94 10/15 leq. 31
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
w94 10/15 leq. 31

Lipotso tse Tsoang ho Babali

Na ha Eva, ’me hamorao Adama, ba e-ja tholoana ea sefate sa tsebo ea botle le bobe, ba ile ba ja apole?

Ha re tsebe. Batho ba bangata ba ’nile ba nahana hore ‘tholoana e thibetsoeng’ e ne e le apole, ’me ka makholo a lilemo batšoantšisi ba ’nile ba e tšoantšetsa joalo. Empa Bibele ha e bolele lebitso la sefate kapa tholoana ea sona. Eva o ile a bua ka eona e le feela ‘tholoana ea sefate se har’a tšimo.’—Genese 3:3.

Ho thahasellisang tabeng ena ke sehlooho se reng “Apple” se ho Insight on the Scriptures:

“Ho na le khopolo-taba e ngata haholo ka hore na sefate sena le tholoana tse boleloang ke lentsoe la Seheberu tap·puʹach ke eng. Lentsoe ka bolona le bolela se khetholloang ka monko, kapa lephoka la sona. Le nkiloe kutung e reng na·phachʹ, e bolelang ‘ho foka; ho hemela holimo; ho phefumoloha ka thata.’ (Ge 2:7; Job 31:39; Jer 15:9) Mabapi le sena, M. C. Fisher o ile a ngola: ‘Ha u le nahana ka lekhetlo la pele ho bonahala kamano ea lona [le na·phachʹ] e fapoha molao o amoheloang oa liphetoho moelelong oa mantsoe, empa likhopolo tsa “ho phefumoloha” le “ho ntša monko” lia amana. Puah, eo e leng sebōpeho se tlaasana sa lentsoe lena se fetisang moelelo o tšoanang, e bolela “ho foka” (ha moea) le “ho ntša monko o monate, ho nkha hamonate.”’—Theological Wordbook of the Old Testament, e hlophisitsoeng ke R. L. Harris, 1980, Buka ea 2, leq. 586.

“Ho ’nile ha boleloa litholoana tse ngata ho e-na le apole, ho akarelletsa lamunu, sitrone, koepere, le ’mabolilane. . . . Leha ho le joalo, lentsoe la Searabia le amanang le leo, e leng tuffah, moelelo oa lona o ka sehloohong ke ‘apole,’ ’me hoa hlokomeleha hore mabitso a libaka a Seheberu Tappuah le Beth-tappuah (tseo mohlomong li bitsoang joalo ka lebaka la ho ata ha tholoana ena tikolohong ea tsona) a tlohetsoe ka mabitso a tsona a tšoanang le a Searabia ka hore ho sebelisoe lentsoe lena. (Jos 12:17; 15:34, 53; 16:8; 17:8) Libaka tsena li ne li se moo ho bataletseng empa li ne li le karolong ea naha e nang le maralla, moo boemo ba mohatsela le mocheso bo batlang bo lekane hantle. Ho phaella moo, ho ke ke ha hlokomolohuoa ka ho feletseng ho feto-fetoha ha boemo ba mohatsela le mocheso ha nakong e fetileng. Ka sebele lifate tsa apole lia mela Iseraele kajeno ’me kahoo ho bonahala li lumellana le tlhaloso ea Bibele ka mokhoa o khotsofatsang. William Thomson, ea ileng a qeta lilemo tse ngata a le Syria le Palestina lekholong le fetileng la lilemo, o bile a tlaleha hore o ile a fumana lirapa tsa liapole tikolohong ea Ashkelone Lithoteng tsa Filistia.—The Land and the Book, e nchafalitsoeng ke J. Grande, 1910, maq. 545, 546.

“Ho buuoa haholo ka sefate sa apole (Pyrus malus) ho Sefela sa Lifela, moo lipolelo tsa lerato tsa motsoalle oa Mosulamithe oa molisana li tšoantšoang le moriti o monate oa sefate sa apole le monate oa litholoana tsa sona. (Sef 2:3, 5) Le eena, o tšoantša phefumoloho ea moroetsana enoa le monko o monate oa liapole. (Sef 7:8; bona le 8:5.) Ho Liproverbia (25:11) puo e tšoanelang, e loketseng e tšoantšoa le ‘liapole tsa khauta pitsaneng ea silefera.’ Lengolo le leng feela leo ho lona ho buuang hape ka apole ke ho Joele 1:12. Neano e tloaelehileng ea hore apole ke eona tholoana ea Edene e neng e thibetsoe ha e na motheo leha e le ofe oa Mangolo. Ka ho tšoanang, poleloana e reng ‘apole ea leihlo’ e fumanoa ho King James Version (Pes 17:8; Lipr 7:2; le mangolong a mang) empa hase polelo ea Seheberu, phetolelo ea lentsoe ka lentsoe e le ‘thaka ea leihlo [la motho].’”—Insight on the Scriptures, Buka ea 1, maqepheng a 131-2, e hatisitsoeng ka 1988 ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela