Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w94 11/1 leq. 22
  • Tumelo e Sebete ea Baena ba Rōna ba Rwanda

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tumelo e Sebete ea Baena ba Rōna ba Rwanda
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
w94 11/1 leq. 22

Tumelo e Sebete ea Baena ba Rōna ba Rwanda

MATHOASONG a 1994 lefatše le ile la tšoha ha litlaleho tsa batho ba neng rinngoa la rita li ne li hlaha naheng ea Afrika ea Rwanda. Ntoa ea lehae e sehlōhō e ne e qhomme—e le sehlohlolo sa lehloeo la lilemo tse makholo.

Li tobane le ho putlama ho feletseng ha molao le taolo, Lipaki tsa Jehova tse 2 000 le ho feta Rwanda li ile tsa qobelleha ho baleha bakeng sa bophelo ba tsona. Tse ka bang 1 300 li ile tsa fumana setšabelo le tšireletso likampong tsa baphaphathehi Zaire le Tanzania tse haufinyane, empa tse ling ha lia ka tsa khona ho baleha ka nako. Re masoabi ho tlaleha hore baena le bo-khaitseli ba rōna ba ka bang 400—bana hammoho le batho ba baholo, ka ho hlakileng kaofela ba sa ameheng ntoeng—ba timetse pefong ena ea bohlanya. Bakreste lefatšeng ka bophara ba llela tahlehelo ea baboloki bana ba botšepehi ba sebete ’me ba tšelisoa ke tšepiso ea Bibele ea tsoho.—Johanne 11:25.

Baena le bo-khaitseli ba pholohileng ba Rwanda ba ’nile ba tsoella joang? Baholo ba ile ba romeloa ba e-tsoa linaheng tse ngata ho batlisisa litaba ka ho toba ho batho ba amehileng. Tlaleho e ’ngoe e itse baena ba Rwanda ba tobane le boemo boo ka “seriti se seholo le sebete.” Ka mohlala, tse ling tsa lintho tseo baena ba ileng ba li kōpa pele e ne e le lingoliloeng tsa Bibele. Tlaleho e ile ea phetha ka ho re: ‘Ba bonahala ba amehile haholoanyane ka ho amohela lijo tsa moea ho feta thuso ea lintho tse bonahalang, le hoja ba hloka lintho tse ngata ka ho tebileng.’ Le hoja maemo ka kampong a se matle, ‘karolo e hloekileng ka ho fetisisa ke moo baena ba rōna ba lulang teng.’

Mokhatlo oa Watch Tower o fane ka chelete bakeng sa ho reka lijo, likobo, liaparo, lieta, le meriana. Baena ba rōna ba Fora ba ile ba fana ka seatla se bulehileng, ’me mathoasong a June, hoo e ka bang litone tse peli tsa lintho tse hlokahalang li ne li rometsoe ho baena ba rōna ba hlokang ba Rwanda.

Hase ho makatsang hore ebe maemo ana a feletse ka bopaki bo botle. Bashebelli ba anngoe ke ’nete ea hore ebe baena ba rōna ba Rwanda ba amohetse thuso e joalo le tšehetso e tsoang ho Lipaki-’moho le bona, ’me ho khonehile hore ba arolelane thuso ena le ba bang. Ba bang ba hlalositse hore ke Lipaki feela ka likampong tse ileng tsa eteloa ke litho tsa bolumeli ba tsona!

Boemo bo sa thabiseng ba baena ba rōna ba Rwanda bo re hopotsa hore ‘mehleng ena ea qetello,’ batho e tla ba “ba bohale” le “ba mabifi.” (2 Timothea 3:1-5; Today’s English Version) ’Me le hoja Jehova a sa tšepise batho ba hae tšireletso ea mohlolo likotsing tsa ’mele, o hlile o tšepisa ho sireletsa bomoea ba bona le kamano ea bona le eena, ’me nakong ea puso ea Kreste ea Lilemo tse Sekete, a tsose ba shoang hona joale. (Pesaleme ea 91:1-10) E se eka lithapelo tsa rōna tsa hore Jehova a tšehetse le ho thusa baena ba rōna ba Rwanda ba setseng ba phela nakong ena e lekang li ka tsoela pele ho nehelanoa molemong oa bona.—Pesaleme ea 46:1.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela