E Nyenyane Empa e Matla
MOHLANKANA e mong oa Canada ea bitsoang Robert, o ile a phaila le Europe eohle a batla morero oa bophelo. O ile a bona lintho tse ngata tse ileng tsa mo siea a ikutloa a feletsoe ke tšepo mabapi le bokamoso.
Ha a ntse a lutse k’hefing e ’ngoe Seville, Spain, Robert o ile a fuoa pampitšana e hatisitsoeng ke Lipaki tsa Jehova. Qalong, Robert o ne a tletse lipelaelo. O ile a re: “Leha ho le joalo, ke ile ka fela ka e bala. Ke sitoa ho hlalosa, empa ka tšohanyetso ke ile ka utloa ho re etlo! Maetong a ka, ke ne ke bone mefuta e mengata ea ho tepella maikutlo le ho theoha boemong ha batho, ’me ke ne ke ferekantsoe ke ho sitoa ho fetola lintho. Ka mor’a ho bala pampitšana eo, ke ile ka ipotsa, ‘“Lefatše le lecha” lee, na le na le monyetla oa ho ba teng?’ Eaba kea nahana, ‘E, mohlomong o teng.’”
Kaha o ne a hlasimolohile, Robert o ile a ngolla ofisi ea Lipaki tsa Jehova e Canada, a kōpa hore motho e mong a mo etele ha a khutletse hae ’me a mo thuse ho utloisisa Bibele.
Ntle ho pelaelo, polelo ea molomo e matla. Leha ho le joalo, le ka mohla u se ke ua tella matla a molaetsa o hatisitsoeng. Lingoliloeng tse theiloeng Bibeleng li ipiletsa ka matla, ho sa tsotellehe hore na li nyenyane hakae. Li ama kelello le pelo, li fana ka tšepo e tiileng mabapi le bokamoso.—Ba-Heberu 4:12.