Mosebetsi oa Molimo oa Pōpo Lefatšeng
BIBELE e bolela ka linako tse tšeletseng tsa pōpo tse bitsoang “matsatsi,” le ka nako ea bosupa kapa “letsatsi la bosupa” e leng nako eo Molimo a ileng a khaotsa ho etsa mesebetsi ea pōpo ea lefatšeng ka eona ’me a qala ho phomola.—Genese 2:1-3.
Genese 1:1, 2 e bua ka nako ea pele ho “matsatsi” a tšeletseng a pōpo. Ha “matsatsi” ana a ne a qala, letsatsi, khoeli, le linaleli li ne li se ntse li le teng, ho buuoa ka pōpo ea tsona ho Genese 1:1. Leha ho le joalo, pele ho “matsatsi” ana a tšeletseng a mosebetsi oa pōpo “Lefatše le ne le hloka sebopeho, le le feela; lefifi le ne le le holim’a boliba.” (Genese 1:2) Kamoo ho bonahalang kateng, lefito la maru a ririellaneng le ne le ntse le koahetse lefatše, le thibetse leseli ho fihla ka holim’a lona.
Letsatsing la Pele ha Molimo a ne a re, “Leseli ha le be teng,” ho hlakile hore mahlaseli a leseli a ile a phunyeletsa marung esita le hoja mehloli ea leseli leo e ne e ntse e ke ke ea bonoa holim’a lefatše. Ho bonahala eka sena se ile sa etsahala butle-butle. Molimo o ile a etsa karohano lipakeng tsa leseli le lefifi, a bitsa leseli Motšehare ’me a bitsa lefifi Bosiu. Sena se bontša hore lefatše le ne le likoloha tselaneng eo le tsamaeang ho eona ha le ntse le potoloha letsatsi.—Genese 1:3, 4.
Letsatsing la Bobeli Molimo o ile a etsa sepaka-paka ka ho arohanya “metsi le metsi.” Metsi a mang a ile a sala lefatšeng, empa karolo e khōlō ea metsi e ile ea phahamisetsoa ka holim’a lefatše, ’me lipakeng tsa likarolo tsena ka bobeli e ile ea e-ba sepaka-paka. Molimo o ile a bitsa sepaka-paka Leholimo, empa sena se ne se le kamanong le lefatše, kaha ha ho boleloe hore metsi a ileng a fanyehoa ka holim’a sepaka-paka a ile a teela linaleli hare kapa lihloliloeng tse ling tsa maholimo a hōle.—Genese 1:6-8.
Letsatsing la Boraro ka matla a Molimo a etsang mehlolo metsi a lefatšeng a ile a bokelloa hammoho ’me naha e omileng e ile ea hlaha, Molimo a e bitsa Lefatše. E boetse e bile ka letsatsi lena moo joang, limela, le lifate tsa litholoana li ileng tsa etsoa hore li be teng. Sehlopha ka seng ho tsena tse tharo tse khōlō se ne se khona ho hlahisa “mofuta” oa sona hape ha se ikatisa.—Genese 1:9-13.
Thato ea Molimo mabapi le mehloli ea leseli e ile ea phethoa Letsatsing la Bone, e hlalosoa tjena: “Molimo oa etsa maseli a mabeli a maholo, leseli le leholo la ’ona ho busa motšehare, le leseli le lenyenyane la ’ona ho busa bosiu, oa etsa le linaleli. Molimo oa li bea sebakeng sa maholimo, ho elisa lefatše, le ho busa motšehare le bosiu, le ho arohanya leseli le lefifi.” (Genese 1:16-18) Ka lebaka la se hlalosoang ka mehloli ena ea leseli, mohloli oa leseli le leholoanyane kamoo ho neng ho bonahala kateng ke letsatsi ’me mohloli oa leseli le lenyenyane ke khoeli.
Hoa thahasellisa hore ebe ho Genese 1:16 ha hoa sebelisoa leetsi la Seheberu ba·raʼʹ, le bolelang ho “bōpa.” Ho e-na le hoo, ho sebelisitsoe leetsi la Seheberu ʽa·sahʹ, le bolelang ho “etsa.” Kaha letsatsi, khoeli, le linaleli li akarelelitsoe ho “maholimo” a boletsoeng ho Genese 1:1, li ile tsa bōptjoa nako e telele pele ho Letsatsi la Bone. Letsatsing la bone Molimo o ile a tsoela pele ho “etsa” hore lihloliloeng tsena tsa leholimo li be le kamano e ncha le lefatše le sepaka-paka se ka holimo ho lona. Ha ho thoe, “Molimo oa li bea sebakeng sa maholimo, ho elisa lefatše,” sena se ne se ka ’na sa bontša hore joale li ile tsa bonahala holim’a lefatše, joalokaha eka li ne li le sepaka-pakeng.—Genese 1:14.
Letsatsi la Bohlano le ile la tšoauoa ka pōpo ea libōpuoa tsa pele tse phelang lefatšeng tseo eseng batho. Eseng feela sebōpuoa se le seng seo Molimo o neng o se reretse ho iphetolela mefuteng e meng, empa ka ho toba boieane ba libōpuoa tse phelang bo ile ba etsoa ka matla a Molimo. Ho boletsoe: “Molimo oa etsa lihlapi tsa litonana, le libōpuoa tsohle tse phelang, tse nyekenyehang, tse hlahisitsoeng ke metsi ka bongata ka mefuta ea tsona, le tse rurang tsohle ka mefuta ea tsona.”—Genese 1:20-23.
Letsatsing la Botšelela “Molimo oa etsa liphoofolo tsa lefatše ka mefuta ea tsona, le makhomo ka mefuta ea ’ona, le lihahabi tsohle tsa lefatše ka mefuta ea tsona,” mosebetsi o joalo o bile molemo, joalokaha mesebetsi eohle ea Molimo ea pōpo e etellang ona pele e bile molemo.—Genese 1:24, 25.
Ho elella qetellong ea letsatsi la botšelela la mosebetsi oa pōpo, Molimo o ile a etsa mofuta o mocha ka ho feletseng oa sebōpuoa, o phahametseng liphoofolo le hoja o le ka tlaase ho mangeloi. Sena e ne e le motho, ea entsoeng ka setšoantšo sa Molimo le ka ho tšoana le eena. Le hoja Genese 1:27 e hlalosa ka bokhutšoaane mabapi le moloko oa batho hore “[Molimo] oa ba etsa e le e motona le e motšehali,” tlaleho e tšoanang le eo ho Genese 2:7-9 e bontša hore Jehova Molimo o ile a etsa motho ka lerōle la lefatše, a bululela linkong tsa hae phefumoloho ea ho phela, ’me motho ea e-ba moea o phelang, o ileng oa lokisetsoa lehae la paradeise le lijo.
Tabeng ena Jehova o ile a sebelisa metsoako ea mobu mosebetsing oa pōpo ’me joale, ha a se a bōpile monna, O ile a bōpa motho e motšehali molokong oa batho ka ho sebelisa e ’ngoe ea likhopo tsa Adama e le motheo. (Genese 2:18-25) Ka ho bōptjoa ha mosali “mofuta” oa motho e ile ea e-ba o feletseng.—Genese 5:1, 2.
Joale Molimo a hlohonolofatsa moloko oa batho, a bolella monna oa pele le mosali oa hae a re: “Ngatafalang, le ate, le tlale lefatšeng, le rene holim’a lona ’me le buse lihlapi tsa leoatle, le tse rurang tsa maholimo, le tsohle tse phelang, tse hahabang lefatšeng.” (Genese 1:28) Bakeng sa moloko oa batho le libōpuoa tse ling tsa lefatše, Molimo o ile a etsa tokisetso e loketseng ka ho li fa “joang bohle bo botala, e be lijo tsa tsona.” Ha e tlaleha mabapi le liphello tsa mosebetsi o joalo oa pōpo, Tlaleho e bululetsoeng ea bolela: “Molimo oa bona tsohle tseo o li entseng hoba li molemo haholo.” (Genese 1:29-31) Letsatsi la botšelela ha le fihla qetellong ea lona e atlehileng ’me Molimo a se a phethile mosebetsi ona oa pōpo, “ka tsatsi la bosupa oa phomola mosebetsing oohle oo o o entseng.”—Genese 2:1-3.
Tlhahlobo ea tse finyeletsoeng letsatsing le leng le le leng la a tšeletseng a mosebetsi oa pōpo e phethoa ke tlaleho ena: “’Me ha e-ba mantsiboea, ha e-ba hosasa,” e bile letsatsi la pele, la bobeli, la boraro, joalo-joalo. (Genese 1:5, 8, 13, 19, 23, 31) Kaha bolelele ba letsatsi ka leng la pōpo bo ne bo feta lihora tse 24, polelo ena ha e bolele bosiu le motšehare tsa sebele empa e bolela tsa tšoantšetso.
Nakong ea mantsiboea lintho li ne li le lerootho; empa hosasa e e-ba tse bonahalang hantle. Nakong ea “mantsiboea,” kapa qalong, ea nako ka ’ngoe ea pōpo, kapa “letsatsi,” morero oa Molimo bakeng sa letsatsi leo, le hoja o ne o tsebahala ka botlalo ho eena, o ne o le lerootho ho bashebelli leha e le bafe ba mangeloi. Leha ho le joalo, ha “hosasa” ho fihla ho ne ho e-ba le leseli le feletseng mabapi le seo Molimo a neng a se rerile bakeng sa letsatsi leo, e le ha se se se phethiloe ka nako eo.—Bapisa le Liproverbia 4:18.
Haeba u rata ho fumana boitsebiso bo eketsehileng kapa ho ba le motho ea u etelang ho u khannela thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng, ka kōpo ngolla ho Watch Tower, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740, kapa atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 2.