Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w95 4/15 leq. 32
  • New World Translation e Khahla Setsebi

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • New World Translation e Khahla Setsebi
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
w95 4/15 leq. 32

New World Translation e Khahla Setsebi

HO LATELA Dr. Rijkel ten Kate, setsebi sa Segerike sa boholo-holo, liphetolelo tsa Bibele tsa Sedutche li hlōleha ho fetolela mantsoe a mang ka nepo. Ka mohlala, khaolong ea bobeli ea Luka, re fumana mantsoe a Segerike a mararo a fapaneng (breʹphos, pai·diʹon, le pais) a sebelisitsoe ho hlalosa mehato e latellanang ea khōlo ea Jesu. Lentsoe ka leng ho ana le na le phapang e itseng moelelong oa lona. Leha ho le joalo, Libibeleng tse ngata, a mabeli kapa boraro ba mantsoe ana kaofela a fetoletsoe ka tsela e sa hlakang e le “ngoana.” Phetolelo e nepahetseng ke efe?

Dr. ten Kate o hlalosa hore temaneng ea 12 lentsoe la Segerike breʹphos le bolela “ea sa tsoa tsoaloa, kapa lesea.” Pai·diʹon, le sebelisitsoeng temaneng ea 27, le bolela “moshanyana kapa ngoana,” ’me pais, e fumanoang temaneng ea 43, e lokela ho fetoleloa e le “moshemane.” Tokollong ea March 1993 ea Bijbel en Wetenschap (Bibele le Saense), Dr. ten Kate o ile a ngola: “Ho ea kamoo ke tsebang kateng, ha ho phetolelo le e ’ngoe ea Sedutche e e fetoletseng ka ho loketseng, ka mantsoe a mang, ka tsela e lumellanang ka ho feletseng le taba e ngotsoeng ea pele.”

Hamorao, Dr. ten Kate o ile a bontšoa New World Translation of the Holy Scriptures, e fumanehang ka lipuo tse 12, ho kopanyelletsa le Sedutche. O ile a arabela joang? O ile a re: “Ke maketse haholo, hore ebe ka sebele ho na le Bibele e le ’ngoe ea Sedutche eo ho eona mantsoe a mararo a Segerike breʹphos, pai·diʹon, le pais a fuoeng tlhokomelo e loketseng.” Na New World Translation e fetolela litemana tsee tumellanong le taba e ngotsoeng ea Segerike ea pele? Dr. ten Kate oa arabela: “Tumellanong e feletseng.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela