Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w95 5/1 leq. 27
  • Bana ba Phatlalatsa Litaba Tse Molemo Afrika

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bana ba Phatlalatsa Litaba Tse Molemo Afrika
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Ka Melomo ea Bana”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Bana ba Sekolo Nigeria ba Hlohonolofalletsoa Botšepehi
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Filipi o Kolobetsa Molaoli oa Moethiopia
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Nka Etsa’ng Hore ke Utloane le Tichere ea ka?
    Bacha Baa Botsa
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
w95 5/1 leq. 27

Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha

Bana ba Phatlalatsa Litaba Tse Molemo Afrika

HANG ka mor’a tsoho ea Jesu, monna e mong oa Moafrika o ile a etela Jerusalema. Bibele ha e fane ka lebitso la hae. O tsejoa feela e le “letona le leholo la Kandase, mofumahali oa Ethiopia, le moalosi oa maruo a hae kaofela.” Ke hobane’ng ha a boletsoe ka Bibeleng? Hobane lengeloi le ile la tataisetsa moevangeli oa Mokreste Filipi ho eena ho ea phatlalatsa “litaba tse molemo tse buang ka Jesu.” Monna enoa oa Moethiopia e bile Moafrika oa pele ea tlalehiloeng ea ileng a fetoha setho sa phutheho ea Bokreste.—Liketso 8:26-39, bapisa le NW.

Kajeno, ho na le Lipaki tsa Jehova tse likete tse makholo-kholo Afrika. Li sebelisa monyetla o mong le o mong ho arolelana litaba tse molemo tse buang ka Jesu le ba bang. Liphihlelo tse latelang li bontša hore esita le bana Afrika ba na le seabo tabeng ena.

◻ Sandy le Priya, bananyana ba lilemo li 11 ba Nairobi, Kenya, e ne e le baahelani. Ba ne ba thabela ho bapala ’moho le ho kalimana ka libuka tsa lipale. Batsoali ba Priya ba ile ba qala ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. Joale Priya o ne a e-na le libuka tse ncha tseo a ka li khethang ho li ekelletsa pokellong ea hae, ho akarelletsa eo ka ho khetheha e ileng ea fetoha eo a e ratang haholo, Ho Mamela Mosuoe e Moholo, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society. O ile a balisana buka eo ea hae ea Mosuoe e Moholo le motsoalle oa hae Sandy, ’me banana bao ba babeli ba ile ba qala ho ithuta eona kamehla.

Leha ho le joalo, Una, ’mè oa Sandy, o ne a kena Kereke ea Chache ’me a sa rate ha morali oa hae a bala libuka tsa Lipaki tsa Jehova. Ho sa tsotellehe khanyetso ea ’m’ae, thuto e ile ea tsoela pele. Ka letsatsi le leng Sandy o ile a kōpa ’mè oa hae ka tieo hore a ke a mamele puisano ea bona hanngoe feela. Khaolo eo bananyana bao ba ileng ba e bala letsatsing leo e ne e e-na le sehlooho se reng “Banna ba Babeli ba Ketekileng Matsatsi a Tsoalo.” Una o ile a mamela ’me o ne a hloletsoe haholo. Kapele-pele o ile a botsa ’mè oa Priya lipotso tse ngata tsa Bibele.

’Mè oa Priya o ile a lokisetsa hore Paki e ithute Bibele le Una. Kapele Una ka boeena o ne a se a arolelana seo a ithutang sona le Dolly, mosebetsi-’moho le eena. Ho sa le joalo, Priya ea lilemo li 11 o ile a ’na a hatela pele ’me a etsa qeto ea ho tšoantšetsa boinehelo ba hae ho Jehova Molimo ka kolobetso ea metsing kopanong ea setereke ea Lipaki tsa Jehova. Ho makaleng ha Priya ebile a thabile, Una le Dolly le bona ba ile ba kolobetsoa hona kopanong eo!

◻ Ho na le linaha tse ling tsa Afrika moo mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova o sa ngolisoang ka molao. Naheng e ’ngoe e joalo, ka kakaretso ho na le boikutlo ba ho hlompha mesebetsi ea bolumeli le tumelo ea Lipaki. Sekolong se seng naheng eo, moshemane ea lilemo li supileng le moena oa hae ea lilemo li tšeletseng—bana ba Lipaki—ba ile ba lumelloa ho ba sieo nakong ea tlelase ea lithapelo tsa bolumeli.

Ka letsatsi le leng tichere e ncha ea be e batla hore bashemane bana ba kopanele thapelong le bana ba bang. Moshemane ea moholoanyane o ile a hana ’me tichere ea mo shapa. Moena oa hae, Shadrack ea lilemo li tšeletseng, o ile a phehella ho bona hlooho ea sekolo ofising ea hae. Hlooho ea sekolo le tichere e ncha ba ile ba ’motsa hore na ke hobane’ng ha a ne a sa rate ho kopanela le ba bang. Ba ’motsa hore na o tšaba hore batsoali ba hae ba tla mo shapa. O ile a arabela ka Searabia se setle: “Che, Molimo eo ke mo rapelang hase Molimo oa pherekano empa ke oa taolo. Nke ke ka ba e mong oa Lipaki tsa Jehova ha ke le hae le oa bolumeli bo bong ha ke le sekolong!” Ka lebaka leo, o ile a behelloa ka thōko lithapelong.

Ka mor’a hore a kolobetsoe, monna oa Moethiopia ea boletsoeng bukeng ea Liketso ‘o ile a tsoela pele tseleng ea hae a thabile.’ (Liketso 8:39) Ka ho tšoanang kajeno, baboleli ba ’Muso k’honthinenteng e khōlōhali ea Afrika ba thabela tokelo ea bona ea ho “phatlalatsa litaba tse molemo tse buang ka Jesu.”—Liketso 8:35, bapisa le NW.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela