Lichelete Tsa Tšepe Tse Nang le Lebitso la Molimo
SHEBISISA lichelete tsa silevera tse bontšitsoeng mona. Li entsoe ke morena e moholo oa Jeremane Wilhelm V nakong ea puso ea hae ho tloha ka 1627 ho isa ka 1637. Ka nako eo, Europe bohareng e ne e tšoarehile Ntoeng ea Lilemo Tse Mashome a Mararo, ea ho loantšana ha Mak’hatholike le Maprostanta. Wilhelm V o ne a tšehetsa mokhatloana oa Boprostanta. E le ho khahlanyetsa litšenyehelo tse khōlō tsa ntoa, o ile a nka silevera sohle sa hae ’me a etsa lichelete tsa tšepe ka sona.
Ka ho thahasellisang, litšoantšo licheleteng tse ngata tsa tšepe li ne li tšoantšetsa letsatsi le pota-potileng lebitso la Molimo, Jehova, ka sebōpeho sa Litlhaku Tse ’nè Tsa Seheberu tse emelang lebitso la Molimo. Ho boetse ho na le sefate sa palema se tšoantšetsang matla. Maikutlo a fanoang ke a hore le hoja sefate se tenyetseha ke moea, se lula se sa robehe tlas’a tšireletso ea Molimo. Mantsoe a Selatine a ngotsoeng cheleteng ea tšepe a na le lebitso la Jehova ’me a bontša kholiseho tlhokomelong ea hae e sireletsang.
Ho e-na le ho etsa thapeli bakeng sa tšireletso ea Molimo, tšebeliso e joalo ea lebitso la Molimo ruri e ne e le ea lefeela, hobane Jehova ha a nke lehlakore lintoeng tse mabifi tsa moloko oa batho. Ka sebele, Ntoa ea Lilemo Tse Mashome a Mararo e ne e ke ke ea amoheloa ke Molimo. Funk & Wagnalls New Encyclopedia e re: “Ho latela likhakanyetso tse lemosang, batho ba fetang halofo ea batho ba Jeremane ba ile ba e-shoa nakong ea ntoa ena. Metse e se nang palo ea Jeremane, litoropo, metsana le mapolasi li ile tsa senngoa ka ho feletseng. Hoo e ka bang likarolo tse peli ho tse tharo tsa mehaho ea liindasteri, temo, le khoebo ea Jeremane li ile tsa sala e le lithako.”
Tšebeliso ea lebitso la Jehova licheleteng tsena tsa tšepe e re hopotsa ka taelo e neng e filoe Iseraele: “U se ke ua tlaela ka lebitso la Jehova, Molimo oa hao.” (Exoda 20:7) Leha ho le joalo, lichelete tsena tsa tšepe li fana ka bopaki ba hore ke khale batho ba Jeremane ba tloaelane le lebitso la Molimo, Jehova. U tseba Molimo ea bitsoang ka lebitso leo hamolemo hakae?