Basali ho Pota Lefatše
HA BANYALANI ba babeli ba pele ba fetohela Molimo, Jehova o ile a bolela esale pele liphello tse tšosang tse neng li tla ba hlahela le bana ba bona. Jehova o ile a re ho Eva: “Litakatso tsa hao li tla ba ho monna oa hao, ’me u tla busoa ke eena.” (Genese 3:16) Ka tsela e lumellanang Bibele e khothalletsa tlhompho e tebileng ho basali, ’me basali ba limilione ba latsoa bophelo bo thabileng haholoanyane, bo khotsofatsang haholoanyane hobane bona le malapa a bona ba sebelisa melao-motheo ea Bibele.
Leha ho le joalo, ho latela tlaleho ea morao tjena mabapi le litokelo tsa botho, basali ba bang ba bangata lefatšeng ka bophara baa tlotlolloa, ba tšoaroa hampe, ba bile baa nyelisoa. Ha e bua ka tlaleho ena, International Herald Tribune e re: “Ka makolopetso a bontšang tlhokomelo le boiteko, tlaleho ena ea linaha tse 193 . . . e bontša boemo bo soabisang ba khethollo le tlhekefetso ea letsatsi le letsatsi.”
Mehlala e seng mekae: Afrika bohareng, banana ba tlameha ho sebetsa haboima ka ho fetisisa masimong, ’me palo ea bashemane ba kenang sekolo e mena ea banana ba kenang sekolo hararo. Naheng e ’ngoe ea moo, bohlola ke tlōlo ea molao ho basali empa eseng ho banna. Molao oa naha e ’ngoe ea Afrika o emela monna ea bolaeang mosali oa hae haeba a mo fumana a etsa bofebe, empa molao ha o emele mosali ea bolaeang monna oa hae tlas’a maemo ’ona ao.
Tlaleho eo e bolela hore likarolong tsa Amerika Boroa, mapolesa ha a utloele basali ba shapuoang bohloko. ’Me basali ba sebetsang hangata ba tlameha ho phela ka meputso e ka tlaase ho ea banna ka karolo ea 30 ho isa ho 40 lekholong.
Likarolong tsa Asia, basali ba qobelloa ho inyōpisa le ho ntša limpa. Naheng e ’ngoe, ho na le matekatse a ka bang 500 000, a mangata ho ’ona a rekisitsoe khoebong ena ke batsoali ba batlang chelete ea ho ithekela matlo a macha. Naheng e ’ngoe mapolesa a tlameha ho sebetsana le “mafu a phahlo” a atileng—mosali o bolaoa ke monna oa hae kapa lelapa la’bo monna hobane thepa eo a phahletsoeng ka eona e le nyenyane ho feta eo ba e lebeletseng.
Mabapi le Jesu Kreste, Bibele ea re tiisetsa: “O tla boloka ea lesitsi ha a hooa, le ea malimabe ea hlokang mothusi; o tla utloela ea malimabe le mohloki bohloko, a boloke bophelo ba ea lesitsi; o tla ba loela bohoro-hosong le botubong, mali a bona e be ntho e hlokoang mahlong a hae.” (Pesaleme ea 72:12-14) Kahoo re na le lebaka la ho ba le tšepo; basali lefatšeng ka bophara ba ka lebella maemo a ntlafalitsoeng a tla ba teng ka nako eo.