Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha
“Ha ba ka ba Phetsa”
HO TLOHA mehleng ea Jesu Kreste le baapostola ba hae, baeta-pele ba bolumeli ba entse sohle se matleng a bona ho sitisa boboleli ba litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Khafetsa, baapostola ba ile ba ‘laeloa’ haholo-holo ke ba boholong Jerusalema ‘hore ba se ke ba boela ba ruta ka lebitso la Jesu.’ (Liketso 5:27, 28, 40) Leha ho le joalo, tlaleho ea Bibele e bontša hore “lentsoe la Molimo le ne le ntse le tsoela pele; ’me barutuoa ba ne ba anafala haholo Jerusalema.”—Liketso 6:7.
Lilemo tse likete tse peli hamorao, re ntse re fumana baeta-pele ba bolumeli Iseraele ba hlohlelletsang ba boholong ho sitisa mosebetsi oa Bakreste ba ’nete naheng eo. Ba le tlas’a khatello e neng e entsoe ke batho ba hlanyetsang bolumeli ka ho feteletseng, ka November 1987, ba boholong Tel Aviv, Iseraele, ba ile ba laela Lipaki hore li khaotse ho tšoarela liboka tsa Bokreste Holong ea ’Muso e ofising ea lekala la Mokhatlo oa Watch Tower. Taelo e ile ea qala ho sebetsa ka October 1989. Tumellanong le eona, Lipaki li ile tsa kopanela mehahong e hiriloeng ea sebaka seo ka lilemo tse tharo ha Holo ea tsona ea ’Muso e ne e lutse e batla e sa sebelisoe ka ho feletseng.
Ho sa le joalo, taba ena e ile ea hlokomelisoa Lekhotla le Phahameng la Toka la Iseraele. Ofisi ea ramolao oa ’muso e ile ea hlahloba khang ena e hlahisitsoeng ke Lipaki ’me ea bolela hore ho ne ho se na letho le ka thibelang boipiletso boo ba tsona kaha ho ne ho le pepenene hore taelo e ne e theiloe leemeng la bolumeli. Ka hona, ba boholong sebakeng seo ba ne ba se na boikhethelo haese ho etsolla qeto ea bona, ’me ka thabo Lipaki tsa Jehova tsa khutlela Holong ea tsona ea ’Muso.
Na mosebetsi oa ho bolela linnete tsa Bibele o ile oa thefuleha lilemong tseo? Le hanyenyane! Nakong eo ho neng ho koaloa Holo ea ’Muso, ho ne ho e-na le liphutheho tse peli Tel Aviv le sehlopha sa thuto ea Bibele se ka thōko toropong e haufi ea Lod. Lilemo tse tharo hamorao, ha Holo ea ’Muso e buloa hape, Lipaki tsa Jehova li ne li eketsehile ho ba liphutheho tse ’nè ’me sehlopha se secha sa thuto ea Bibele se ne se kopanela Beersheba.
Khōlo e etsahalang Iseraele ha e-ea lekanyetsoa ho lihlopha tsa batho ba buang lipuo tse ka sehloohong, Searabia le Seheberu. Ho bile le ho subuhlellana ha batho ba fallang ba tsoa naheng eo pele e neng e le Soviet Union, kahoo hona joale Lipaki tsa Jehova tse buang Serussia li tšoarehile ka ho arolelana litaba tse molemo le bona. Liboka tse ling tsa puo ea Serussia li tšoareloa liphuthehong tse tharo; batho ba ka holimo ho lekholo ba ne ba kopane haufinyane tjena bakeng sa kopano ea Serussia.
Ntle ho pelaelo, balumeli ba leeme ba tla tsoela pele phutuhong ea bona khahlanong le borapeli ba ’nete. Empa baboleli ba ’Muso ba tsoela pele ho etsisa Bakreste ba lekholong la pele la lilemo bao, ho sa tsotellehe khanyetso, ‘ba sa kang ba phetsa ho ruta le ho bolela hore Jesu ke Kreste.’—Liketso 5:42.