“Ka ’Nģane ho Meeli ea Kelello e Hlaphohileng”
“KAHA lintoa li qala likelellong tsa batho, ke likelellong tsa batho moo re tlamehang ho theha tšireletso e matla ea khotso.” (Molao-motheo oa UN Educational Scientific, and Cultural Organization) Li hopotse polelo ena, ka 1993 litsebi tse fetang 500 tse neng li le teng sebokeng sa Machaba a Kopaneng mabapi le ho beha lihlomo fatše li ile tsa nahana ka karolo ea bolumeli ho haheng tšireletso e joalo e matla.
Jonathan Granoff, ea neng a emetse Selekane sa Babuelli ba Molao Bakeng sa Tšireletseho ea Lefatše, o ile a etella seboka seo pele. O ile a hlokomelisa: “Boholo ba khohlano ea bolumeli le ea merabe e teng hona joale bo ka ’nģane ho meeli ea boitšoaro ba batho ba tsoetseng pele, mohlomong ka ’nģane ho meeli ea kelello e hlaphohileng.” Mantsoe a John Kenneth Galbraith a ile a qotsoa ka ho loketseng nakong ea seboka seo: “Batho ba bangata haholo ba bolailoe ka lebitso la bolumeli ho feta ba bolailoeng lintoeng tsohle le likoluoeng tsa tlhaho li kopane hammoho.”
Dr. Seshagiri Rao o ile a re: “Lingaka li lokela ho phekola maloetse eseng ho a jala. Lineano tsa bolumeli ha lia lokela ho jala lehloeo le khohlano e mabifi lipakeng tsa tsona. Li reretsoe hore e be tšusumetso ea poelano. Leha ho le joalo, bonneteng hangata li ’nile tsa sebetsa ebile li ntse li sebetsa e le tšusumetso e bakang karohano.”
Lilemo tse seng kae tse fetileng, Catholic Herald ea London e ile ea hlalosa hore khotso e ne e ka tiisoa “haeba likereke tsa kajeno li ne li ka tsa phatlalatsa ho nyatsa ntoa li tšoarisane hammoho.” Leha ho le joalo, koranta eo e ile ea phaella: “Rea tseba hore le ka mohla sena se ke ke sa etsahala.” Moitlami e mong oa Mok’hatholike o kile a hlalosa: “Lefatše le ka be le le kahosele hakaakang haeba kaofela re ne re ka tsoha hoseng ho hong re entse qeto e tiileng ea hore re ke ke ra hlola re nka lihlomo hape, . . . hantle joaloka Lipaki tsa Jehova!”
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 32]
Tom Haley/Sipa Press