Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w95 7/15 leq. 32
  • Seipone se U Bontša’ng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Seipone se U Bontša’ng?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
w95 7/15 leq. 32

Seipone se U Bontša’ng?

SHEBA ka seiponeng. U bona’ng? Ka linako tse ling ho iqekotsa ka seiponeng ho u bontša sekoli sefahlehong sa hao seo u thabelang ho se lokisa pele ba bang ba se hlokomela.

Bibele e tšoana le seipone haholo. E ka re thusa ho ipona hantle, e leng se tlang ho re thibela ho iphahamisa—kapa ho ikhalala—kamoo re tšoanelang kateng mahlong a Molimo. (Mattheu 10:29-31; Ba-Roma 12:3) Ho phaella moo, Bibele e senola likoli tseo ho hlokahalang hore re li lokise mantsoeng a rōna, liketsong kapa boitšoarong. Ha sena se etsahala na u tla hlokomoloha seo seipone se se bontšang?

Mongoli oa Bibele Jakobo o re: “Hobane motho, ha e le moutloi oa lentsoe, e seng moetsi oa lona, o joalo ka motho ea iponang seiponeng tšobotsi eo a tsoetsoeng ka eona. Ere hobane a ipone, o ee a tlohe, a lebale hang hore ke motho ea joang.”—Jakobo 1:23, 24.

Ho fapana le moo, Jakobo o hlalosa motho e mong, “ea shebisisang molaong o phethehileng, e leng oa tokoloho, ’me a tiisetsa teng.” (Jakobo 1:25) Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “ho shebisisa” le bolela ho inama kapa ho nyarela bakeng sa ho bona. Theological Dictionary of the New Testament e re: “Ke ho fetang ho habanya ntho feela kapele-pele.” Lentsoe lena ka kutloisiso e itseng le bolela ho batla ka hlokolosi ntho e ipatileng. Mohlalosi oa Bibele R. V. G. Tasker oa ngola: “Ho na le ntho ea bohlokoa eo moshebelli a lakatsang ho e bona, esita le hoja ho ka ’na ha e-ba thata ho eena hore a e bone le ho utloisisa se boleloang ke eona hang-hang.”

Na u tla itlhahlobisisa ka seiponeng sa Lentsoe la Molimo le ho ikamahanya le se hlokahalang? Jakobo o tsoela pele: ‘Kaha e se moutloi ea hakoang, empa e le moetsi ea sebetsang, motho eo o tla ba le lehlohonolo ho etseng ha hae.’—Jakobo 1:25.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela