Ho Nahanoa Hape ka Taba ea Tšelo ea Mali
MEHLENG ena e lerootho ea AIDS, tšokelo e khōlō ka ho fetisisa bophelong bo botle ba mokuli e ka ’na ea mo lalla kamoreng ea ho buoa. Dr. Richard Spence, eo ka lilemo tse fetang leshome a ileng a tsamaisa Center for Bloodless Surgery e Cooper Hospital-University Medical Center e Camden, New Jersey, U.S.A., o re: “Ha ho tsela eo re ka etsang hore mali ao re fanang ka ’ona a hloke likokoana-hloko ka ho feletseng.”
Hase ho makatsang hore ebe setsi sena se phekola Lipaki tse ngata tsa Jehova, tseo ho hana ha tsona ho tšeloa mali ho thehiloeng Bibeleng ho tsebahalang. (Levitike 17:11; Liketso 15:28, 29) Leha ho le joalo, bakuli ba bangata bao eseng Lipaki le bona ba ea setsing sena, ba amehile ka likotsi tse ka ’nang tsa bakoa ke tšelo ea mali, e akarelletsang ho tšoaroa ke lefu la sebete, AIDS, le mafu a mang. Courier-Post Weekly Report on Science and Medicine e re: “Ho phahama ha AIDS ho bontšitse hore ho hlokahala hore mali a hlahlobisisoe. Empa ho na le lintho tse ling tse ka ’nang tsa feta li sa hlokomeloe hobane motho a ka ’na a ba le kokoana-hloko pele e bonahala ha ho etsoa liteko.”
Ka lebaka la likotsi tse joalo, Center for Bloodless Surgery e sebelisa mofuta o mong oa phekolo ntle le tšelo ea mali, ho kopanyelletsa ho ntša mali a mokuli le ho boela a tšeloa hape—mokhoa oo Lipaki tse ling li ka ’nang tsa o nka o sa hanyetsehe tlas’a maemo a mang.a Phekolo e ’ngoe e ama tšebeliso ea lithethefatsi tse eketsang tlhahiso ea mokuli ea mali. Ho phaella moo, lintho tse sebelisoang sebakeng sa mali tsa maiketsetso li sebelisoa nako le nako bakeng sa ho eketsa ho tsamaea ha oxygen ho sa hlokahale tšelo ea mali. Dr. Spence o re: “Lipaki tsa Jehova li batla tlhokomelo e molemo ka ho fetisisa ea meriana, empa li batla ho sebelisoe mofuta o mong oa phekolo sebakeng sa mali.”
Lipaki tsa Jehova li leboha tšebelisano-’moho le thuso tseo li li fumaneng ho lingaka tse hlomphang litumelo tsa tsona tsa bolumeli. Ka lebaka la sena, ruri li fumane “tlhokomelo e molemo ka ho fetisisa ea meriana” ’me li bolokile letsoalo le letle pel’a Jehova Molimo.—2 Timothea 1:3.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Puisano e batsi ka tšebetso ena le lintlha tse amehang tabeng ea ho etsa qeto ea botho, e thehiloeng letsoalong, e ho Molula-Qhooa oa March 1, 1989, maqepheng a 30-1.