Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w95 8/15 leq. 32
  • Thuso ho Bahlaseluoa ba se Nang Molato

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Thuso ho Bahlaseluoa ba se Nang Molato
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
w95 8/15 leq. 32

Thuso ho Bahlaseluoa ba se Nang Molato

KE E ’ngoe ea litlōlo tsa molao tse nyonyehang haholo tse kileng tsa etsoa ke motho—sehlabelo sa neano se etsoang ka bana. Ba bang ha ba lumele hore tloaelo e mpe hakaalo e kile ea etsahala. Empa letšoao lena le khethollang borapeli ba Phoenicia le ’nile la tiisoa ke litšibollo tse ngata tsa ho epolloa ha lintho tsa khale.

Bana ba tsoang malapeng a tsebisahalang ba ne ba etsoa sehlabelo mollong bakeng sa melimo e kang Tanit le Baal-Hammon. Carthage, bahlaseluoa ba banyenyane ba ne ba chesoa ka har’a seemahale sa koporo sa Kronos. Diodorus Siculus, rahistori oa lekholo la pele la lilemo B.C.E., o re beng ka ngoana ba ne ba sa lumelloa ho lla. Mohlomong ho ne ho lumeloa hore likeleli tsa ho tsieleha li ka ’na tsa fokotsa boleng ba sehlabelo.

Ka nako e itseng tloaelo e tšoanang e ne e etsoa haufi le Jerusalema Tofethe ea boholo-holo. Barapeli ba moo ba ne ba etsa tantši le ho tilinya meropa e menyenyane e le ho koahela seboko sa ngoana ha a akheloa ka mpeng e nang le khanare ea mollo ea Moloke.—Jeremia 7:31.

Jehova o ba le khalefo e khōlō ho bao ka sehlōhō ba hanang ho nahanela bohloko ba ba bang. (Bapisa le Liproverbia 21:13.) Kaha e le Molimo ea bontšang kutloelo-bohloko ho bana, ruri Jehova o tla akareletsa bahlaseluoa ba joalo ba se nang molato ‘tsohong ea ba lokileng le ba sa lokang.’—Liketso 24:15; Exoda 22:22-24.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela