Na ke Neano e se Nang Moelelo?
SAKRAMENTE ea ho ipolela libe e ’nile ea e-ba tloaelo ea Mak’hatholike ka makholo a lilemo. Empa, ho ba bangata ke neano feela e se nang thuso. Ha hlooho ea sekolo e bitsoang Bob e hopola bocheng ba eona e re: “Ke ne ke le mocha ea ka tlaase ho lilemo tse 20, ’me esita le ka nako eo ke ne ke sa ho nke ka ho teba.” Hobane’ng? Ho eena, ho ipolela libe ho ne ho fetohile neano e se nang moelelo. O-oa hlalosa: “Ho ipolela libe ho ne ho le joaloka ho tlisa thoto eohle ea hao e tletseng libe ho motho ea sebetsanang le lekhetho la thepa e kenang le e tsoang boema-fofaneng. O u botsa lipotso ka libe tsa hao ebe joale o u lesa hore u fete ka mor’a ho lefa ho hong bakeng sa thepa e mabotho-botho eo u e rekileng ha u ne u le kantle ho naha ea heno.”
Ka ho tšoanang, Frank Wessling, ha a ngola ho U.S. Catholic, o hlalosa tloaelo ea ho ipolela libe e le “tataiso e nolofalitsoeng ka ho feteletseng e etsoang mohato ka mohato, ho tloha ho tlosoeng ha libe tse tloaelehileng mohopolong ka thapelo ea pako e tšoaroang ka hlooho ho ea ho ketso e etsoang ka tloaelo ea tšebeletso ea sakramente.” Qeto ea Wessling e bile efe? O re: “Ke kholisehile hore Ho Ipolela Libe ho molemo bakeng sa bophelo bo botle ba moea. Empa tsela eo Mak’hatholike a ho etsang ka eona ke bothata.”
Bibele e bua ka ho ipolela libe ka tsela e fapaneng ho hang. Habohlokoa ka ho fetisisa ke ho ipolela libe ho Molimo. (Pesaleme ea 32:1-5) ’Me morutuoa oa Mokreste Jakobo o ile a ngola: “E mong har’a lōna ha a baba, a bitse baholo ba kereke, ’me ba mo rapelle, ba ntse ba mo tlotsa ka ole ka lebitso la Morena. Bolellanang litšito tsa lōna, ’me le rapellane, le tle le fole.”—Jakobo 5:14, 16.
Mokreste ea imetsoeng ke sebe a ka bitsa balebeli ba phutheho, e leng bona ba ka fanang ka keletso ea botho le e sebetsang e tsoang Bibeleng ho thusa mofosi ho furalla tsela ea hae ea boetsalibe. Balebeli ba ka fana ka khothatso e loketseng ha ba ntse ba hlokomela tsoelo-pele ea ea kulang moeeng. Sena se fapane hakaakang le neano e sa fetoheng ea ho ipolela libe ho etsoang likerekeng kajeno! Ba matlafalitsoe ke thuso ea botho ea baholo ba phutheho, bafosi ba bakileng ba ka fumana ho imoloha hoo Davida a ileng a ho latsoa, joalokaha ho hlalositsoe pesalemeng e ’ngoe: “Ka ba ka u bolella sebe sa ka, ’me ha kea ka ka pata bokhopo ba ka, ka re: Ke tla bolela ho tlōla ha ka ho Jehova; ’me ua hlakola bokhopo ba sebe sa ka.”—Pesaleme ea 32:5.