‘Feela Joalokaha Tšepe e Leotsa Tšepe’
HO EA qetellong ea lekholo la boraro la lilemo C.E., mohlankana ea khothetseng ea bitsoang Anthony, ea hlalositsoeng e le “Mokreste oa Mocopte,” o ile a ikhula lefatšeng ’me a qeta lilemo tse 20 a le mong lehoatateng. Hobane’ng? O ne a ikutloa hore eo ke eona tsela e molemohali ea hore a sebeletse Molimo. Bokreste-’mōtoaneng e bile eena oa pele ea bileng le tšusumetso e matla ea ho ikarola bathong le ho itima lintho ka lebaka la bolumeli.
Kajeno, Bokreste-’mōtoana bo na le ba seng bakae ba ikarolang bathong le ho itima lintho ka lebaka la bolumeli. Empa batho ba eketsehileng ba batla ho ba boinotšing ka tsela e ’ngoe esele. Ba hana ho buisana le ba bang ka bolumeli, ba ikutloa hore lipuisano tsa mofuta oo li lebisa ho se lumellaneng le lintoeng. Borapeli ba bona bo itšetlehile haholo ka ho se utloise baahisani ba bona bohloko.
Ke ’nete hore ho se utloise moahisani oa motho bohloko ke karolo ea bolumeli ba ’nete, empa ho hlokahala ho hongata. Maele a boholo-holo aa bolela: “Tšepe e leotsa tšepe; sefahleho sa motho se leotsa sefahleho sa motsoalle oa hae joalo.” (Liproverbia 27:17) ’Nete ke hore, Bibele e khothalletsa Bakreste hore ba kopane hammoho, e seng hore ba ikarole ka ho felletseng lefatšeng kapa ho Bakreste ba bang. (Johanne 17:14, 15) E re: “A re lebelaneng, re tle re isane ka cheseho leratong le mesebetsing e metle. Re se ke ra ngala liphutheho tsa rōna.” (Ba-Heberu 10:24, 25) Lipaki tsa Jehova li latela keletso eo. Ka linako tse sa tšoaneng bekeng, li bokana hammoho ho ‘leotsana lifahleho,’ li haha tumelo ea balumeli-’moho le tsona. Li fumana hore ho buisana ka Bibele ka botšepehi ha ho lebise lintoeng. Ho e-na le hoo, ho lebisa kutloanong le khotsong. Ke karolo ea bohlokoa haholo ea bolumeli ba ’nete.