Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w95 12/15 leq. 32
  • Nyeoe Khahlanong le Lipaki Tsa Jehova e Etsetsoa Qeto

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nyeoe Khahlanong le Lipaki Tsa Jehova e Etsetsoa Qeto
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
w95 12/15 leq. 32

Nyeoe Khahlanong le Lipaki Tsa Jehova e Etsetsoa Qeto

KA MOR’A ho chechisa nyeoe makhetlo a ’maloa, Lekhotla la Maipiletso Thessalonica, Greece, le qeteletse le lutse ka la 8 June, 1995, ho mamela nyeoe khahlanong le Lipaki tsa Jehova tse ’nè tsa basali. Ba ne ba qosetsoa’ng? Ho sokolla batho, ho neng ho thibetsoe ke molao oa Greece ka lilemo tse fetang mashome a mahlano.

Leha ho le joalo, nakong eo lekhotla le neng le kopana, paki ea sehlooho qosong—moprista ea ileng a hlahlela nyeoe ena khahlanong le basali ba bane—o ne a se a sa phele. Moprista e mong o ile a leka ho fana ka bopaki lebitsong la hae, empa lekhotla ha lea ka la amohela kōpo ea hae. Kahoo, ha ho makatse hore ebe nyeoe eo e ile ea nka metsotso e 15 feela! Moahloli o ile a hlahloba bopaki bo bong ba qoso ’me a fumana baqosuoa ba se na molato oa ho sokolla batho khahlanong le molao. Kahlolo ena e bontša hore makhotla a Greece a ikemiselitse ho hlompha le ho ikamahanya le qeto e fihletsoeng ka 1993 ke European Court of Human Rights.

E bile ho makatsang haholo ho bona basali ba bararo ba neng ba fana ka bopaki qosong ba atamela baqosuoa ba Lipaki, ’me ka pelo tsohle ba ba lebohela. E mong oa bona o ile a re: “Re kōpa tšoarelo ka tsohle tse etsahetseng.” A phaella: “E ne e se molato oa rōna. Moprista o ile a re qobella hore re le qose. Kaha joale ha a sa phela, re batla le tle motseng oa rōna le malapeng a rōna.”

Kahoo, Jehova o boetse hape a fana ka tlhōlo e makatsang ho batho ba hae Greece. Melao e thibelang ho sokolla batho e ile ea fetisoa ka 1938 le 1939 Greece. Ka 1993 European Court of Human Rights e ile ea laela hore ho sebelisa molao oo ho qosa Lipaki tsa Jehova ho fosahetse.—Bona Molula-Qhooa, September 1, 1993, maqepheng a 27-31.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela