Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w96 2/1 leq. 15
  • ‘Ho Khanya Joaloka Maseli Lefatšeng’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘Ho Khanya Joaloka Maseli Lefatšeng’
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Boloka Bophelo ka Mali—Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Tsamaeang ka Mokhoa oo Jehova a le Rutang ka Oona
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Ke Ile ka Amohela Tsela eo Molimo a Ikutloang ka Eona ka Mali
    Tsoha!: Ke Ile ka Amohela Tsela eo Molimo a Ikutloang ka Eona ka Mali
  • Seboka se Ikhethang sa ho Buoa Ntle ho Mali Moscow
    Tsoha!—1999
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
w96 2/1 leq. 15

Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha

‘Ho Khanya Joaloka Maseli Lefatšeng’

LIPAKI TSA JEHOVA li ikhethile ka ho hlahelletseng ’me hangata li buuoa hampe phatlalatsa ka lebaka la ho se amohele ha tsona tšelo ea mali. Leha ho le joalo, boemo bona bo theiloe ka ho tiileng Bibeleng. E bontša hore Molimo o nyatsa tšebeliso e mpe ea mali, kaha mali a bohlokoa mahlong a hae. (Genese 9:3, 4; Levitike 17:14) Ka lebaka la ho hlahlobisisa Mangolo tabeng ena, Lipaki tsa Jehova li etsa qeto ea hore taelo ea Bibele ea ho ‘tela mali’ ka ho hlakileng e akarelletsa le mokhoa oa kajeno oa tšelo ea mali.—Liketso 15:19, 20, 28, 29.

Lilemong tsa morao tjena litho tsa mokhatlo oa tsa bongaka, ’moho le makhotla a linaha tse ling, a se a tšehetsa Lipaki tsa Jehova tabeng ena. Ka mohlala, ’mè e monyenyane ea neng a tseba pono ea Bibele ka mali o ile a shoa ka lebaka la kotsi ea koloi, Denmark. Ka lebaka la ho hana ha hae ho tšeloa mali, khoeli kaofela lingaka tsa hae li ile tsa roteletsa phutuho e tletseng bora khahlanong le Lipaki tsa Jehova ka mecha ea litaba.

Batsoali ba mosali eo e monyenyane ba ile ba kōpa hore ho etsoe lipatlisiso, ’me ka April ea 1994, Commission of Patients’ Complaints ea Denmark e ile ea phatlalatsa qeto. E ile ea bolela hore mokuli ha aa bolaoa ke ho hana ho tšela mali, empa e bile ka lebaka la ho se tsotelle ha lingaka. Qeto e ne e itšetlehile lipatlisisong tse neng li entsoe ke Board of Forensic Medicine le ba boholong ho tsa bophelo bo botle ba ’mele. Lengolong le potolohang le ileng la romeloa mafapheng ’ohle a tlhokomelo ea bophelo Denmark, National Board of Health e ile ea bolela hore lingaka li tlameha ho fa Lipaki tsa Jehova phekolo ea mofuta leha e le ofe o mong o molemohali o ka fumanehang, ba nahanela ho hana ha bona ho tšeloa mali.

Boemo bo bong bo ile ba ama Dan, Paki e lilemo li 15 e ileng ea bolaoa ke kankere ea mali. Tabeng ena, lingaka li ile tsa hlompha qeto e sebete ea Dan ea ho hana ho tšela mali. Hona ho ile ha fella ka phutuho e nammeng ea mecha ea litaba eo ho eona e neng e beha lingaka tsa Dan molato oa hore ebe o shoele. Leha ho le joalo, ba bangata ha baa ka ba lumellana le leshano leo le neng le le khahlanong le lingaka.

Ka mohlala, mosuoe-hlooho oa sekolo seo Dan a neng a se kena o ne a le teng Holong ea ’Muso bakeng sa lepato. O ile a bontša ho tšoha ha hae ka litaba tse sa lokang tse neng li buuoa ka lefu la Dan. Ka mor’a hore a atamele mosebetsi-’moho le eena oa Paki ka lipotso tse ’maloa mabapi le Lipaki tsa Jehova, o ile a amohela kopi ea video ea Jehovah’s Witnesses—The Organization Behind the Name. O ile a khahloa ke video eo hoo a ileng a lokisetsa hore matichere ’ohle a sekolo a e bone. Hamorao, liithuti tsohle li ile tsa bontšoa video eo tlelase ka tlelase.

Letona la tsa bophelo bo botle ba ’mele la Denmark le lona ha lea ka la lumellana le phatlalatso e mpe eo lingaka tsa Dan li neng li e fumana. Le ile la bolela hore lingaka tseo li entse ntho e nepahetseng ka ho hlompha qeto ea Dan e bontšitseng khōlo tsebong le tumelo ea hae e nang le mabaka a utloahalang.

Ho na le baboleli ba ’Muso ba limilione ba mamelang melao ea Molimo. Ka lebaka la kutlo ea bona, ba hlahella ba ‘khanya joaloka maseli lefatšeng.’—Ba-Filippi 2:12, 15.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela