’Nete e Tsoileng Matsoho
LIKOTOANA tse tharo tse nyenyane tsa buka e ngotsoeng ka letsoho tsa Kosepele ea Mattheu, tse tsejoang ka hore ke P64, li ’nile tsa ba tlas’a taolo ea Magdalen College e Oxford, Engelane, ho tloha ka 1901. Ka nako e ’ngoe, litsebi li ne li nahana hore li ngotsoe morao koana qetellong ea lekholo la bobeli la lilemo C.E.
Morao tjena, Carsten P. Thiede, setsebi sa thuto ea libuka tsa loli, Paderborn, Jeremane, o ile a etella pele tlhahlobo e feletseng ea P64, e neng e akarelletsa likarolo tsa litemana tse 10 tsa Mattheu khaolo ea 26. Phello e bile efe? Ha a ngolla Zeitschrift für Papyrologie und Epigraphik (Koranta ea Thuto ea Libuka tsa Loli le Thuto ea Tlhaloso ea Mengolo ea Boholo-holo), Thiede o hlalosa likotoana tsa Oxford e le “sekotoana sa codex ea Bokreste sa lekholong la pele la lilemo, mohlomong (le hoja e seng hakaalo-kaalo) se ngotsoeng pejana ho AD 70.”
Tlaleho e fanoeng ke Thiede e ile ea baka pherekano e khōlō ho tsa khatiso le tsa botsebi. Hobane’ng? Hobane se amoheloang hona joale e le karolo ea khale ka ho fetisisa ea masalla a taba e ngotsoeng Likosepeleng ke P52, sekotoana sa Kosepele ea Johanne se ngotsoeng hoo e ka bang ka 125 C.E., kapa e seng pele ho lekholo la bobeli la lilemo.
Hore na nako e ncha e behetsoeng sekotoana sa buka ea loli sa P64 e tla amoheloa ka ho pharaletseng, ho tla bonahala. Leha ho le joalo, ho beoa ha deiti ea khalenyana ha ho etse feela hore P64 e be likotoana tsa khale ka ho fetisisa tsa Kosepele; ho boetse hape ho fana ka bopaki bo eketsehileng bo supang hore ka sebele Kosepele ea Mattheu e ngotsoe lekholong la pele la lilemo, mohlomong esita le pele ho 70 C.E., ha boholo ba lipaki tse boneng ka mahlo liketsahalo tsa bophelo ba Jesu bo ne bo ntse bo phela ho pakela ’nete ea Kosepele ena.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 32]
By permission of the President and Fellows of Magdalen College, Oxford.