‘Na Kea Tsotelleha ho Molimo?’
“NA KEA Tsotelleha? Na Molimo oa Tsotella?” Ke kamoo sehlooho se hlahang ho Christianity Today se neng se baleha kateng. Mongoli oa sehlooho seo, Philip Yancey oa bolela: “Joaloka mongoli, boholo ba mosebetsi oa ka bo potolohile mathateng a ho utloa bohloko. Ke khutlela potsong e le ’ngoe khafetsa, joalokaha eka ke pholla leqeba la khale le hanang ho fola ka ho feletseng. Ke utloa ka babali ba libuka tsa ka, ’me mathata a sithabetsang a bona a tiisa lipelaelo tsa ka.”
Mohlomong le uena u ’nile ua ipotsa ka hore na Molimo o thahasella bophelo ba hao. E, e ka ’na eaba u tloaelane le Johanne 3:16, e bolelang hore “Molimo o ratile lefatše hakalo, o bile oa le nea Mora oa oona ea tsoetsoeng a ’notši.” Kapa e ka ’na eaba u balile Mattheu 20:28, e reng Jesu o ile a tla ho tla “neela bophelo ba hae ho ba topollo ea ba bangata.” Ho sa tsotellehe seo, u ka botsa, ‘Na Molimo oa mpona? Na o ntsotella ke le motho ka mong?’ Ho na le lebaka le utloahalang la ho lumela hore oa tsotella, joalokaha re tla bona.