Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w96 3/1 leq. 32
  • Leseli la Lōna a le ke le Khanye!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Leseli la Lōna a le ke le Khanye!
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
w96 3/1 leq. 32

Leseli la Lōna a le ke le Khanye!

QETELLONG ho ne ho fihlile nako ea hore monna ea tsofetseng a bone Messia ea tšepisitsoeng! Ka tšenolelo ea bomolimo Simeone o ne a tseba hore “a ke ke a bona lefu, a e-so ho bone Kreste oa Morena.” (Luka 2:26) Empa e bile thabo e kaakang ha Simeone a kena tempeleng ’me Maria le Josefa ba beha ngoana Jesu matsohong a hae! O ile a isa thoriso ho Molimo, a re: “Joale, Monghali, u lese mohlanka oa hao, a ee ka khotso . . . hobane mahlo a ka a bone poloko ea hao . . . hore e be leseli le tla bonesa lichaba, le khanya ea Iseraele, sechaba sa hao.”—Luka 2:27-32; bapisa le Esaia 42:1-6.

Jesu o ile a ipaka ho ba “leseli” la lefatše ho tloha ha a kolobetsoa a le lilemo li 30 ho isa lefung la hae. Ka litsela life? O ile a khantša leseli la moea ka ho bolela ka ’Muso oa Molimo le merero ea Hae. O ile a boela a pepesa lithuto tsa bolumeli ba bohata ’me o ile a tsebahatsa ka ho hlaka mesebetsi ea lefifi. (Mattheu 15:3-9; Ba-Galata 5:19-21) Kahoo, ka nepo Jesu o ne a ka re: “Ke ’na leseli la lefatše.”—Johanne 8:12.

Jesu o ile a shoa ka selemo sa 33 C.E. Na joale leseli le ile la tima? Le hanyenyane! Ha a sa le lefatšeng, Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae: “Leseli la lōna le ke le khanyetse batho.” (Mattheu 5:16) Ka lebaka leo, ka mor’a lefu la Jesu balateli ba hae ba ile ba boloka leseli le ntse le khanya.

Ka ho etsisa Jesu, Bakreste kajeno ba bonahatsa leseli la Jehova ka ho kopanela mosebetsing oa boboleli. Ba tsamaea “joalo ka bana ba leseli,” kahoo ba ipaka ho ba mehlala e khanyang ea bophelo ba Bokreste.—Ba-Efese 5:8.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela