O Ile a Sebeletsa Jehova ka Boikokobetso
“HASE hakaalo moo u sebeletsang teng empa hoo e leng habohlokoa ka sebele ke eo u mo sebeletsang.” John Booth o ne a rata ho bua mantsoe ana, ’me o ile a phela tumellanong le ’ona. Tsela ea hae ea bophelo lefatšeng, e ileng ea fela ka Mantaha oa la 8 January, 1996, ha ea ka ea siea khoao ea hore na ke mang eo a ileng a khetha ho mo sebeletsa.
Morao koo ka 1921 esale mohlankana, John Booth o ile a batla morero oa bophelo. O ne a ruta sekolong sa Sontaha Kerekeng ea Dutch Reformed, empa o ile a hana boikutlo ba ho ea koetlisetsoa ho ba moruti hobane a ne a nahana hore baruti ba phela bophelo ba boithati. Ha a bona pampitšana e phatlalatsang puo e nang le sehlooho se reng “Ba Limilione ba Phelang Hona Joale ba ke ke ba Hlola ba E-shoa,” ha aa ka a senya nako ho e romela bakeng sa ho fumana lingoliloeng tse neng li phatlalalitsoe ho eona. A susumelitsoe ke seo a se balileng, ka potlako o ne a se a tsamaea ka baesekele lik’hilomithara tse 24 ho ea libokeng tsa Liithuti tsa Bibele, kamoo Lipaki tsa Jehova li neng li tsejoa kateng ka nako eo. O ile a kolobetsoa ka 1923 ’me a qala ho bolela ka ntlo le ntlo sebakeng sa Wallkill, New York, moo lelapa labo le neng le e-na le polasi ea lebese.
Mor’abo rōna Booth o ile a kenela tšebeletso ea nako e tletseng ka April 1928. O ile a bolela tšimong ea habo le ea mahaeng e ka Boroa, a bapatsa lingoliloeng tsa Bibele bakeng sa lijo le bolulo. O ile a tlameha ho tobana ka sebete le maemo a kotsi a kang a ho thunya ho mabifi ha bo-rakhoebo ba ritelang joala ka ntle ho molao, e mong oa bona o ile a ba a thunya le ho ntša eo e neng e le pula-maliboho-’moho le John Booth likotsi. Ka 1935, Mor’abo rōna Booth o ile a khethoa ho ba molebeli ea tsamaeang ’me o ile a qala ho etela liphutheho le lihlotšoana ho potoloha naha. O ile a hlophisa likopano ’me a thusa bara le baralib’abo rōna ho tiisetsa ho sa tsotellehe khanyetso. Ho ema khahlanong le mahoo-hoo a halefileng, ho ea makhotleng le ho kenngoa teronkong tsohle e bile liketsahalo tse tloaelehileng ho Mor’abo rōna Booth. O kile a ngola: “Ho ka hloka buka eohle ho fana ka lintlha tsohle tsa linako tseo tse thabisang.”
Ka 1941, Joseph F. Rutherford, mookameli oa Mokhatlo oa Watch Tower ka nako eo, o ile a abela Mor’abo rōna Booth ho sebeletsa Kingdom Farm, e pel’a Ithaca, New York. O ile a sebeletsa moo ka botšepehi ka lilemo tse 28. Lerato la hae bakeng sa tšebeletso ha lea ka la fifala, o ile a thabela lilemo tseo a ileng a kopana le liithuti tse likete tsa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower se koetlisang baromuoa, se neng se theiloe Kingdom Farm ho fihlela ka 1961. Ka 1970, Mor’abo rōna Booth o ile a kōpuoa ho sebeletsa Watchtower Farms, Wallkill, New York, ’me kahoo a iphumana a le sebakeng se tšoanang le seo a ileng a qala ho bula maliboho a le ho sona lilemong tse ka bang 45 pejana.
Ka 1974, Mor’abo rōna Booth o ile a khetheloa ho ba setho sa Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova Brooklyn, New York. O ile a sebeletsa ka botšepehi boemong boo ho fihlela lefung la hae a le lilemo li 93. John Booth o ne a ratoa ka lebaka la botho ba hae ba Bokreste ba boikokobetso bo tebileng le bo mosa. Ho fihlela moo bophelo le matla a hae li ileng tsa fella teng, o ne a bolela ka botšepehi ka ntlo le ntlo le literateng tsa motse o moholo.
Le hoja ba neng ba sebetsa le eena ba llela lefu la hae, ba tšelisoa ke tšepiso ea Bibele mabapi le Bakreste ba joalo ba tlotsitsoeng, hore ba tsosetsoa bophelong ba leholimo le hore “lintho tseo ba ileng ba li etsa li tsamaea hammoho le bona.” (Tšenolo 14:13; 1 Bakorinthe 15:51-54) Ke ’nete hore ke tikolohong e ncha, empa ke eo ho eona John Booth a tla khona ho sebeletsa Jehova ka ho sa feleng!
[Setšoantšo se leqepheng la 32]
John Booth 1903-1996
[Setšoantšo se leqepheng la 32]
HERALD-AMERICAN, ANDOVER 1234
76 Jehovites Jailed in Joliet
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Chicago Herald-American