Eo e Neng e Kile ea E-ba Moahloli oa Ikoahlaea—Ka Mor’a Lilemo Tse 45
KA LEKHOTLENG le leng la Berlin, ka August 1995, eo e neng e kile ea e-ba moahloli oa Lekhotla le ka Holimo-limo o ile a bolella e mong oa Lipaki tsa Jehova ka ho hlaka hore o soabela sebe seo a ileng a se etsa lilemong tse 45 tse fetileng.
Ka October 1950, Lekhotla le ka Holimo-limo la German Democratic Republic (GDR) le ile la bolela hore Lipaki tsa Jehova tse robong li ne li le molato oa ho baka pherekano khahlanong le ’muso le oa bompimpi. Tse peli li ile tsa ahloleloa bophelo bohle chankaneng, ’me tse ling tse supileng—ho kopanyelletsa le Lothar Hörnig ea neng a le lilemo li 22, moqosuoa oa bone ha u tloha ka ho le letona fotong—li ile tsa ahloleloa lilemo tse ngata chankaneng.
Lilemo tse 40 hamorao, GDR e ile ea fetoha karolo ea Federal Republic of Germany. Ho tloha ka nako eo, bahlanka ba ’muso ba ’nile ba batlisisa tse ling tsa liketsahalo tsa ho hloka toka tse neng li ile tsa etsoa ke GDR ea pele ’me ba lekile ho ahlola ba ikarabellang. E ’ngoe ea liketsahalo tse joalo tsa ho hloka toka e bile nyeoe ea Lekhotla le ka Holimo-limo mabapi le Lipaki ka 1950.
A. T., eo hona joale a leng lilemo li 80, e ne e le e mong oa baahloli ba bararo ba ileng ba liha kahlolo ha Lipaki tse robong li ne li qositsoe. Joale a qosoa ka ho khopamisa toka, o ile a hlaha ka pel’a Regional Court ea Berlin ho hlalosa qeto eo a ileng a e etsa.
Tlalehong ea hae ho lekhotla, eo e neng e kile ea e-ba moahloli o ile a lumela hore o ne a ile a voutela qeto e molato ea lekhotla lilemong tse 45 tse fetileng, le hoja a ne a ile a rata kahlolo e seng boima haholo. Empa nyeoe ena e ile ea etsa hore a nahane bocha. Hobane’ng? Lipaki tsa Jehova li ile tsa hlorisoa ke Manazi nakong ea ntoa ea bobeli ea lefatše hobane li ile tsa hana ho tšehetsa Hitler. Ka mor’a ntoa eo, Lipaki li ile tsa boela tsa hlorisoa, lekhetlong lena ke puso ea Bokomonisi. Sena se ile sa etsa hore moahloli eo a “utloe bohloko haholo.”
Lothar Hörnig o ile a bolella lekhotla hore o ile a qeta lilemo tse hlano le halofo a koaletsoe a le mong chankaneng, ’me ha aa ka a lokolloa chankaneng ea Brandenburg ho fihlela ka 1959. Ha a utloa tlaleho ea Hörnig, eo e neng e kile ea e-ba moahloli o ile a lla. A sisa pelo, o ile a re: “Ke masoabi haholo. Ke kōpa u ntšoarele.” Hörnig o ile a amohela boikoahlaeo boo.—Bapisa le Luka 23:34.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 32]
Neue Berliner Illustrierte