Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w96 7/15 leq. 31
  • Ba Koetlise ho Tloha Boseeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ba Koetlise ho Tloha Boseeng
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
w96 7/15 leq. 31

Ba Koetlise ho Tloha Boseeng

PHUPUTSO ea morao tjena e bontša hore “masea a ka pōpelong a arabela mantsoe ka ’mele.” Winnipeg Free Press e re bafuputsi Univesithing ea North Carolina “ba ile ba fumana hore ka mor’a hore bo-’mè ba balle bana ba bona ba e-s’o tsoaloe, masea a sa tsoa tsoaloa a arabela lipolelong tseo ha li baloa hape.” Ha basali ba balla holimo nakong eo e leng baimana, sena se ka ’na sa tlatsetsa hamolemo ho ruteng ngoana bohlokoa ba litekanyetso tsa boitšoaro. Bibele e re bolella hore Timothea ‘ho tloha boseeng o tsebile lingoliloeng tse halalelang.’ (2 Timothea 3:14, 15) Ka ho hlakileng, ’mè oa hae le nkhono oa hae ba ile ba ananela bohlokoa ba ho mo koetlisa ho tloha boseeng, hoo mohlomong ho neng ho akareletsa ho balla holimo.

Mongoli Jim Trelease o re, ho bala ke “habohlokoa haholo tsebong ea bophelo eo re nang le eona sechabeng sa rōna kajeno.” Ho tseba puo le ho hlalosa mantsoe ho ntlafatsoa ke ho balla holimo.

Ke bohlale ho qala ho balla holimo bonyane hang ha u qala ho buisana le lesea la hao. Le hoja ngoana oa hao ea e-s’o tsoaloe kapa ea sa tsoa tsoaloa qalong a ke ke a utloisisa seo u se buang, melemo ea nako e telele ea kamoso e tšoanela seo. Liproverbia 22:6 e re: “Ruta mohlankana tsela eo a tšoanetseng ho e tsamaea; le mohla a tsofalang, a ke ke a e kheloha.”

U ka bala eng e utloahalang le e ruisang molemo? Balla ngoana oa hao Bibele ka lentsoe le phahameng letsatsi ka leng. ’Malle hape le lingoliloeng tse ling tsa bohlokoa, tse kang Ho Mamela Mosuoe e Moholo, Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele, Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela le lihlooho tse limakasineng tsa Molula-Qhooa le Tsoha!

Ke ’nete hore ho itela ka tsela ena ho akareletsa nako, empa ena ke nako e sebelisoang hantle. Ke tsela e hlokomelehang e bontšang hore ua tsotella ’me u rata ngoana oa hao.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela