Ho Etela Naha e Tšepisitsoeng
ARE re motsoalle o ne a u bolella hore o u reketse ntlo e ncha-cha! e leng har’a tikoloho e ntle, e khutsitseng—e le mpho. U ne u tla ipotsa, ‘Ebe e joang?’ Ntle ho pelaelo, u ne u tla laba-labela ho bona ntlo ena ka bouena, ho tsamaea ka hare ho eona le ho hlahloba kamore e ’ngoe le e ’ngoe. Etsoe, lena ke lehae la hao le lecha!
Ka 1473 B.C.E., Jehova o ile a neha sechaba sa Iseraele ea boholo-holo lehae le lecha—Naha e Tšepisitsoeng, naha e mochophoro e neng e le boholo ba lik’hilomithara tse ka bang 500 ho tloha leboea ho ea boroa, ’me e le bophara ba lik’hilomithara tse 55, ka karolelano.a E fumaneha sebakeng se ’nileng sa bitsoa Seoli se Nonneng, Naha e Tšepisitsoeng e ne e le tulo e ntle eo motho a ka phelang ho eona, e hlohonolofalitsoe ka libōpeho tsa eona tse neng li ikhetha.
Empa ke hobane’ng ha kajeno u ka thahasella “lehae” le ileng la fuoa motho e mong, haholo-holo motho ea ileng a phela khale koa? Hobane ho tseba ka lefatše lena la bohlokoa ho ka eketsa kananelo ea hao mabapi le litlaleho tsa Bibele. Moprofesa ea seng a hlokahetse, Yohanan Aharoni o ile a ngola: “Naheng eo ho buuoang ka eona ka Bibeleng, jeokrafi le histori li hokeletsoe hammoho ka botebo hoo ho seng le e ’ngoe ea tsona eo ka sebele e ka utloisisoang ntle ho thuso ea e ’ngoe.” Ho feta moo, bophahamong ba eona, Naha e Tšepisitsoeng e fane ka mohlala o fokolang feela oa seo ka potlako Paradeise tlas’a ’Muso oa Molimo e tla se bolela bakeng sa moloko oa batho, lefatšeng ka bophara!—Esaia 11:9.
Nakong ea tšebeletso ea hae ea lefatšeng, Jesu Kreste o ile a sebelisa ponahalo e neng e tloaelehile ea Naha e Tšepisitsoeng bakeng sa ho ruta thuto e molemo. (Matheu 13:24-32; 25:31-46; Luka 13:6-9) Le rōna re ka ithuta ho hongata ho molemo ka ho hlahloba tse ling tsa libōpeho tsa Palestina ea boholo-holo. Kamoo re ka behang taba kateng, a re ke re tsamaeeng ka hare ho tse ling tsa likamore tsa eona, re hlahlobe litšobotsi tse ling tsa naha ena e ileng ea sebeletsa e le lehae la batho ba Molimo ka makholo a lilemo. Joalokaha re tla bona, ho na le ho hongata hoo re ka ithutang hona ka Naha ena e Tšepisitsoeng.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho sebelisoa ha “Naha e Tšepisitsoeng” lihloohong tsena, ke ka kutloisiso ea pono ea mehleng ea boholo-holo joalokaha e hlahisitsoe ka Bibeleng, ’me e sa kenyeletse boipolelo ba morao tjena ba sebaka seo mabapi le lipolotiki/bolumeli.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 2]
Cover: Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]
Garo Nalbandian