Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w96 10/1 leq. 32
  • Makasine e Amang Pelo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Makasine e Amang Pelo
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
w96 10/1 leq. 32

Makasine e Amang Pelo

HO HATISOA limakasine tse se nang palo ho potoloha lefatše bakeng sa ho khotsofatsa takatso ea ’mali ea boitsebiso kapa boithabiso.

Ke eng se etsang hore makasine ee e ka letsohong la hao e be e ikhethang? Lengolo le latelang le ileng la fumanoa ke ofisi ea lekala la Mokhatlo oa Watch Tower, Jeremane, le ka ’na la fana ka karabo:

“Barab’eso ba ratehang, ke le leboha haholo ka boiteko le mosebetsi tsa lōna. Ha ke ne ke khutla libokeng le bara ba ka ba babeli, le hoja e ne e le ka 9:30 bosiu, ka sebele ke ile ka tlameha ho mamela Molula-Qhooa oa morao-rao [k’haseteng]. Ha ke ntse ke hlatsoa lijana, ke ile ka qala ho mamela sehlooho sa pele se ithutoang (April 1, 1995). Ke ile ka utloa hore ke tšoanela ho se mamela hape, kahoo ke ile ka emisa mosebetsi oa ka ka kichineng ’me ka bala sehlooho [“U oa Bohlokoa Mahlong a Molimo!”] ho Molula-Qhooa, ke tsamaisana le theipi. Se ile sa nkama pelo, haholo-holo serapa sa bone le sa bohlano. Joale likeleli li ile tsa keleketla—empa e seng nako e telele. Ke leboha Jehova hore ebe kea phela ’me ke e mong oa batho ba hae, le hore ebe ’na, hammoho le ba bang ba bangata, re ka tsebahatsa lebitso la hae. Ka sebele ha ho na lebaka la hore re ikutloe re se ba bohlokoa. Moea oa Jehova o na le batho ba hae. E se eka kaofela ha rōna re ka mamella ’me ra ema re tiile tumelong, joalokaha eka re motho a le mong. Ka kameho e mofuthu ea Bokreste, morali’abo lōna tumelong.”

Molula-Qhooa ha o felle ka ho fana ka boitsebiso feela. O ama lipelo tsa babali ba oona ’me o khotsofatsa takatso ea bona ea lijo tsa moea le ea khothatso e nakong. E, Molula-Qhooa o fana ka ‘lijo ka nako e tšoanetseng.’—Matheu 24:45.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela