Matšeliso Lilemong Tse ’Nè Tsa Ntoa
LILEMONG tse ’nè tsa ntoa moo pele e neng e le Yugoslavia, batho ba bangata ba ile ba ba le mathata le likhaello tse matla. Har’a bona ho ne ho e-na le Lipaki tsa Jehova tse makholo, tseo ka botšepehi li ileng tsa tsoela pele ho rapela “Molimo oa matšeliso ’ohle.”—2 Bakorinthe 1:3.
Sarajevo, batho ba ile ba e-ba le mathata a eketsehileng a ho lula motseng o moholo o neng o thibeletsoe ke masole ho pholletsa le nako ea ntoa. Ho ne ho e-na le likhaello tsa motlakase, metsi, patsi le lijo. Phutheho ea Lipaki tsa Jehova ea Sarajevo e ile ea tsoela pele ho sebetsa joang tlas’a maemo aa a feteletseng? Bakreste ba linaha tse haufi ba ile ba beha bophelo ba bona kotsing ho tlisa liphallelo tse ngata. (Bona Molula-Qhooa oa November 1, 1994, maqepheng a 23-7.) Hape, barab’abo rōna ba Sarajevo ba ile ba arolelana seo ba neng ba e-na le sona, ba beha khatiso e khōlō ho arolelaneng lintho tsa moea. Nakong eo masole a neng a thibeletse, molebeli oa Mokreste oa motseng oo o ile a fana ka tlaleho e latelang:
“Re nka liboka tsa rōna e le tsa bohlokoa haholo. ’Na le mosali oa ka, hammoho le batho ba bang ba 30, re tsamaea lik’hilomithara tse 15 ho ea libokeng le tse kaalo ho khutla. Ka linako tse ling ho ne ho phatlalatsoa hore ho tla fanoa ka metsi linakong tseo liboka li neng li tšoaroa ka tsona. Barab’abo rōna ba ne ba tla etsa’ng? Na ba ne ba tla lula hae kapa ba ee libokeng? Barab’abo rōna ba ne ba khetha ho ea libokeng. Kamehla barab’abo rōna baa thusana; eng kapa eng eo ba nang le eona, baa e arolelana. Morali’abo rōna e mong oa phutheho ea habo rōna o lula ka thōko ho motse, pel’a moru; ka hona o batla a nolofalloa ho fumana patsi. Hape o sebetsa lebakeng, ’me o fumana phofo e le moputso oa hae. Ha ho khoneha, o baka lofo e khōlō ea bohobe ’me o e tlisa sebokeng. Ka mor’a seboka, ha re le tseleng e tsoelang ka ntle, o fa e mong le e mong sengoathoana.
“Ke habohlokoa hore ebe ha ho mora kapa morali oabo rōna le ea mong eo le ka mohla a ikutloang a furaletsoe. Ha ho ea tsebang hore na ho rōna ke mang eo e tla ba ea latelang ea tla batla thuso boemong bo sa thabiseng. Ha litsela li ne li letse leqhoa ’me morali’abo rōna e mong a kula, barab’abo rōna ba bacha ba matla ba ile ba hula selei seo a neng a se palame ho ea libokeng.
“Kaofela ha rōna re kopanela mosebetsing oa ho bolela, ’me Jehova o hlohonolofalitse boiteko ba rōna. O bone boemo ba rōna bo tsielehisang Bosnia, empa o re hlohonolofalitse ka keketseho—keketseho eo re neng re e-s’o e bone pele ho ntoa.”
Ka ho tšoanang, likarolong tse ling tse tsekolotsoeng ke ntoa tsa moo pele e neng e le Yugoslavia, Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa thabela keketseho ho sa tsotellehe mathata a tebileng. Tlaleho e tsoang ofising ea Lipaki tsa Jehova ea Croatia mabapi le sehlopha se seng sa Lipaki ke ena: “Barab’abo rōna ba lulang Velika Kladuša ba fetile linakong tseo ho leng thata ka ho fetisisa ho sebetsana le tsona. Toropo ena e ile ea hlaseloa ka makhetlo-khetlo. Barab’abo rōna ba ile ba tlameha ho hlalosa boemo ba bona ba ho se jele paate mabothong a ntoa a Croatia, a Serbia le mabothong a ntoa a sa tšoaneng a Mamosleme. Ka sebele, ba ile ba tlameha ho mamella haholo—ho koalloa literonkong, ho shapuoa, tlala, kotsi ea lefu. Ho ntse ho le joalo, kaofela ha bona ba ile ba lula ba tšepahetse ’me ba na le tokelo e hlaheletseng ea ho bona tlhohonolofatso ea Jehova mesebetsing ea bona.”
Ho sa tsotellehe mathata ana, Lipaki tsa Jehova tse Velika Kladuša le Bihać ea boahisani li tsoela pele ho thabela keketseho ha li ntse li arolelana molaetsa oa Molimo oa matšeliso le baahisani ba tsona. Bahoeletsi ba ’Muso bao ka kakaretso ba leng 26 libakeng tsena tse peli ba khanna lithuto tsa mahae tsa Bibele tse 39!