Tokelo ea ho Fana ka Tumello Motho a E-na le Tsebo e Boetse ea Tiisoa
KAHLOLO e ileng ea phatlalatsoa haufinyane ke Moahloli oa Preliminary Investigations of the Court of Messina, Italy, e boetse e tiisitse hore lingaka li tlameha ho hlompha litakatso tsa phekolo tsa mokuli ea lilemong. Qeto ena e ile ea fanoa nyeoeng e neng e ama e mong oa Lipaki tsa Jehova.
Ka January 1994, Antonino Stellario Lentini, mokuli oa Paki ea lilemo li 64 ea neng a e-na le lefu la ho lieha ha mali ho etsa mahloele, o ile a potlakisetsoa sepetlele Taormina, Messina. Mosali oa Antonino, Catena, o ile a hlalosetsa basebetsi ba sepetlele hore joaloka Lipaki tsa Jehova eena le monna oa hae ba ke ke ba lumella phekolo ea tšelo ea mali. (Liketso 15:20, 28, 29) Litakatso tsa bona li ile tsa hlomphuoa.
Leha ho le joalo, nakong ea leeto la ho ea setsing se seng sa tlhokomelo ea bophelo, Antonino o ile a khaotsa ho phefumoloha ’me a fihla a se a le boemong bo hlobaetsang. Kapele ka mor’a moo, o ile a shoa. Catena o ne a sithabetse, empa o ile a fumana matšeliso a maholo tšepisong ea Bibele ea tsoho. (Liketso 24:15) Joale, o ile a makala haholo ha bo-’maseterata—mohlomong ba thetsitsoe ke litaba tse sa nepahalang tse hasitsoeng ke mecha ea litaba—ba mo qosa ka hore ke eena ea bakileng lefu la monna oa hae kahobane o ile a hana tšebetso ea ho buoa monna oa hae eo lingaka li neng li nka hore ea hlokahala.
Ka mor’a nako e fetang selemo, ka la 11 July, 1995, Catena o ile a fumanoa a se na molato, kaha a ne a sa etsa tlōlo leha e le efe ea molao. Ha e le hantle, bopaki ba litsebi bo ile ba bontša hore, ha ho talingoa boemo ba mokuli, ho kenella ha tšebetso ea ho buoa ho ka be ho ntse ho sa thusa letho.
Empa lipolelo tsa moahloli li ile tsa fihla khubung ea taba. O ile a hlalosa hore ho thata ho amohela khopolo ea hore basebetsi ba phekolo ea bongaka ba lokela ho kenella ha mokuli a hana phekolo kapa e hanoa ke batho ba mo emetseng. O ile a eketsa ka ho re molao oa litlamo tsa bongaka oa Italy “o bona ho hlokahala hore ho fumanoe tumello ea motho ea amehang eo a fanang ka eona a e-na le tsebo pele ho ho kenella leha e le hofe.” Ka hona, o ile a bolela hore Catena “ka molao o ile a thibela monna oa hae ho etsoa ketso e joalo.”
Kahlolo ena e boetse e tiisa tokelo ea motho e moholo ea ho hana phekolo ea bongaka e khahlanong le litakatso tsa hae.