Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w96 11/15 leq. 32
  • ‘Li Thahasella ho Thusa ba Bang’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘Li Thahasella ho Thusa ba Bang’
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
w96 11/15 leq. 32

‘Li Thahasella ho Thusa ba Bang’

KE SE ileng sa boleloa ke lepolesa la New York City ka Lipaki tsa Jehova. Le ne le buisana le Kathleen, e mong oa baithaopi ba nako e tletseng ea sebeletsang ntlo-khōlō ea lefatše ea Lipaki tsa Jehova e Brooklyn, New York.

Nakong ea hae ea lijo tsa motšehare, letsatsing le futhumetseng la hoetla, Kathleen o ne a lutse bencheng haufi le Promenade (sebaka sa ho otlolla maoto se haufi le Bethele). O ne a mametse sebapala-lik’hasete ka li-headphone. Ka mose ho East River, lebaleng la lihelikopthara, litokisetso li ne li tsoela pele bakeng sa ho tsamaea ha mopapa ea neng a etetse motseng oo. Tšireletso e ne e le matla haholo libakeng tsohle ’me mapolesa a mangata a ne a lebetse Promenade. Le leng la ’ona le ile la atamela Kathleen ’me la botsa hore na o etsa eng. Kathleen o ile a arabela: “Ke mametse k’hasete ea Serussia. Taba ke hore ke e mong oa Lipaki tsa Jehova ’me ke batla ho ithuta Serussia hore ke tsebe ho arolelana litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo le batho ba buang Serussia ba tlileng motseng ona ka bolulo.”

Lepolesa le ile la arabela ka hore hanyane ka hanyane le ile la khahloa ke Lipaki tsa Jehova lilemong tsa lona tse 15 tse fetileng e le ofisiri e lebelang New York City. Le ile la re: “Ke nka Lipaki tsa Jehova e le bolumeli bo hlophisehileng boo ka botšepehi litho tsa bona li thahasellang ho thusa ba bang sechabeng.”

Lefatšeng lohle Lipaki tsa Jehova li tsebahala ka mosebetsi oo li o etsang oa ho bolela ka ntlo le ntlo. (Liketso 20:20) Le hoja li bontša hore ’Muso oa Molimo ke eona feela tharollo mathateng a hlokofatsang moloko oa batho, li boetse li thusa batho ho ntlafatsa boleng ba bophelo ba bona ka ho ba khothalletsa hore ba sebelise melao-motheo ea Bibele letsatsi le letsatsi bophelong ba bona. Ka mohlala, Lipaki li phehella batsoali ho lokisetsa tikoloho e loketseng bakeng sa ho ithuta lapeng. Li khothalletsa batho ka bomong ho tšepahala, ho utloa molao, li ba khothalletsa ho ba le tsebo ea mosebetsi le litšoaneleho tseo mong’a mosebetsi a tla li fumana li le bohlokoa.

E, Lipaki tsa Jehova li thahasella haholo ho thusa batho sechabeng ho ntlafatsa bophelo ba bona. U mengoa ka mofuthu hore u arabele memong ena.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela