Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w96 12/15 maq. 20-21
  • “Joale Kereke ea Lōna e Hokae?”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Joale Kereke ea Lōna e Hokae?”
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
w96 12/15 maq. 20-21

“Joale Kereke ea Lōna e Hokae?”

HANGATA Lipaki tsa Jehova tsa Mozambique li botsoa potso ena. Ho bua ’nete, ho fihlela moraonyana tjena ho ne ho le thata ho araba potso ena. Ho joalo hobane Lipaki tsa Jehova li ne li sa amoheloe ka molao naheng ena ho fihlela ka 1991. Kahoo, ho ne ho se bonolo ho ba le libaka tsa borapeli tse ka khetholloang ka ho hlakileng kapa tse nkoang e le tsa borapeli.

Leha ho le joalo, boemo boo bo ile ba fetoha ka la 19 February, 1994. Letsatsing leo le chesang, le ntšang koena bolibeng, Liholo tsa ’Muso tsa pele tse peli tse hahiloeng Mozambique li ile tsa neheloa. Kakaretso ea ba 602 e bile teng nehelong ea libaka tsena tse ntle tsa liboka tse leng toropong ea Beira e koung, hoo e ka bang bohareng ha u iphaphatha le lebōpo la Mozambique. Li tla sebeletsa litlhoko tsa liphutheho tse tharo toropong eo.

Mosebetsi oohle oa kaho, ho tloha ha ho raloa motheo ho fihlela ha mehaho e phethoa, o nkile selemo le likhoeli tse peli tsa mosebetsi o boima. Hangata baithaopi ba ka bang 30 kapa ho feta ba tsoang naheng ea boahisani ea Zimbabwe ba ne ba tla ’me ba sebelisana haufi-ufi le Lipaki tsa sebakeng seo. Kaha e se bohle ba neng ba ka fumantšoa bolulo lehaeng la baromuoa Beira, le neng le sebeletsa e le setsi sa mesebetsi e mengata, ba bang ba ne ba hloma litente ho potoloha lehae lena ka mafelo-beke ’me linakong tse ling, ka nako e etsang libeke.

Setša sa Liholo tsa ’Muso sa Liphutheho tsa Massamba le Munhava se tseleng e khōlō ea Beira. Moromuoa e mong o ile a hlokomela: “Letsatsing le maphatha-phathe, ha mosebetsi o tsamaea ka lebelo le leholo ’me tsoelo-pele e hlile e bonahala, re ne re batla re bona likotsi ha bakhanni ba fetang ka tsela ba makalletse Holo ea ’Muso, ba bile ba itebala hore ba ntse ba khanna.” Ba bangata ba ile ba tla boha ha ngoale e khiba ’me ba ne ba khahliloe ka ho khethehileng ke ho ba teng ha merabe e fapaneng e sebetsang hammoho ka kutloano.

Ho ile ha hlokahala tokisetso e khōlō le tlhophiso bakeng sa mosebetsi ona. Ho fapana le mehaho e meng e kileng ea hahuoa karolong ena ea lefatše, moo thepa le mehloli ea lintho tse sebelisoang li haellang, ha ho mohla mosebetsi Liholong tsena tsa ’Muso o kileng oa ema ka lebaka la ho haella ha thepa. Ka lekhetlo le leng, ho ne ho hlokahala mekotla ea samente e 800, ’me sebaka feela se neng se ka fana ka eona se ne se haelloa ke mekotla ea ho tšela samente. Barab’abo rōna ba ile ba iteanya le ofisi ea Mokhatlo oa Watch Tower motse-moholo, Maputo; mekotla eo e ile ea romeloa ka sefofane, ea isoa fekthering ea samente le ho tlatsoa. Mosebetsi o ile oa tsoela pele ntle ho tšitiso.

Ka lekhetlo le leng, ha ho ne ho feroa, basebetsi ba ile ba felloa ke likapa tsa tšepe. Ka lebaka la leqeme le feteletseng, tšepe bakeng sa mohaho e ile ea lokela ho latoa bohōleng ba lik’hilomithara tse 600! Monna ea neng a ntse a fepa mahlo o ile a atameloa ke e mong oa basebetsi ’me a botsoa haeba a ne a ka ba le leselinyana la moo ba ka fumanang tšepe ho qetella mosebetsi. Monna eo ile a araba: “E se e batla e le ho fetang hora ke eme mona, e tlameha ebe e ne e se ka kotsi feela. Ke khahliloe haholo ke mosebetsi oo le o etsang le moea o bonahalang mohahong ona. Ke na le tšepe eo le e hlokang, ’me ke tla thabela ho le neha eona e le mpho.” Seo se ile sa ipaka e le tokisetso e leng nakong.

Bashebelli ba bangata ba ile ba ipotsa hore na ke k’hamphani efe ea kaho e neng e ikarabella mohahong oo. Bonneteng, sehlopha sa basebetsi se ile sa thabela ho ba bolella hore bana e ne e le Lipaki tsa Jehova tse ithaopetseng ho nehelana ka litšebeletso tsa tsona. Ke eng se hlileng sa khahla bashebelli ka ho khethehileng? E mong o ile a re: “Le batho ba nang le bonngoe. Le hoja le le batho ba merabe e fapaneng, le sebetsa hammoho joaloka bara ba motho.” Phello e bile hore ba bangata ba ile ba tla ’me ba kōpa lithuto tsa Bibele. Sena se boetse sa ama liboka. Ka mohlala, karolelano ea ba tlang libokeng Phuthehong ea Manga, e imenne habeli ho feta lenane la Lipaki.

Ka sebele Liholo tsa ’Muso tse ncha e bile tlhohonolofatso e khōlō ho Lipaki tsa sebakeng seo. Pele ho mona, bongata bo ne bo kopanela libakeng tsa khale, tse ruletsoeng ka joang kapa ka masenke a seng makae feela, lijareteng kapa kamoreng e nyenyane lelapeng la motho. Hangata ba ne ba koloba ha pula e na; empa ho ntse ho le joalo ba ne ba tla libokeng ka botšepehi. Ka mashome a lilemo, tsena e ne e le tsona feela “Liholo tsa ’Muso” tseo Lipaki li neng li li tseba Mozambique. Mor’abo rōna Caetano Gabriel, moholo Phuthehong ea Massamba, o ile a re: “Re leboha barab’abo rōna lefatšeng lohle ba ileng ba etsa monehelo hore ho phethoe mohaho ona.” Mocha e mong oa Paki oa hopola: “Ha re ne re le Carico (“likampong tsa ho koetlisoa bocha” moo Lipaki tsa Jehova li neng li koaletsoe ka lilemo tse ka bang 12), re ne re atisa ho re, ‘Re tla mamella ka botšepehi, ’me Jehova o tla re putsa.’ Holo ea ’Muso e ncha ke moputso o tsoang ho Jehova.” Mantsoe a bona a hlalosa teboho ea bona e tebileng le boikemisetso ba bona ba ho rorisa Jehova.

Bacha ba bangata ba ileng ba kopanela mosebetsing oa kaho ba ne ba tletse moea oa bopula-maliboho ’me ka mor’a moo ba ile ba nka tšebeletso ea bopula-maliboho ba kamehla. Isabel e mocha, eo e leng pula-maliboho ea kamehla Phuthehong ea Manga, o ile a khotsa ha a ntse a talimme Holo ea ’Muso e hloekileng ka ho fetisisa letsatsi pele e neheloa: “Ho ’na sena ke sebaka se setle ka ho fetisisa toropong ea Beira. Ke thabo e khōlō ho ’na ho ba mona.” Adão Costa, eo e leng moromuoa, o ile a hlalosa hore ba boholong sebakeng seo ba ile ba sebelisana le bona hantle ka ho lumella lintho tse khethehileng hore li latoe ka ntle ho naha kaha ba ne ba hlokomela botšepehi ba Lipaki. Eaba oa phaella: “Le hoja re ne re khathala, e bile ho thabisang ho bona litholoana tsa mosebetsi ona oohle tlotlisong le thorisong ea Jehova.”

Hona joale, neng kapa neng ha moahi ea botsoalle toropong ea Beira a botsa, “Joale kereke ea lōna e hokae?” Lipaki li mo supisa e ’ngoe ea Liholo tsa ’Muso tse peli tse ncha le ho arabela ka mantsoe a reng, “E International Road, Avenida Acordo de Lusaka, ka mose ho Fourth Squadron Police Station.” Joale ebe li lokisa phosonyana e le ’ngoe, “Che hase kereke. Ke Holo ea ’Muso!”

[’Mapa/Setšoantšo se leqepheng la 20]

AFRIKA

MOZAMBIQUE

Beira

Maputo

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Map: Mountain High Maps® Copyright © 1995 Digital Wisdom, Inc.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela