Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w97 1/1 leq. 32
  • Ke Mang ea Lokelang ho Behoa Molato Bakeng sa Lintoa?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Mang ea Lokelang ho Behoa Molato Bakeng sa Lintoa?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
w97 1/1 leq. 32

Ke Mang ea Lokelang ho Behoa Molato Bakeng sa Lintoa?

NA Molimo a ka behoa molato bakeng sa lintoa tse loanoang ke moloko oa batho? “Che Molimo ha a batle ntoa.” Eo ke tsela eo ka eona Martin Niemöller, moruti oa Moprostanta oa Mojeremane ea tummeng a ileng a araba potso ena nakoana ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše. Lipolelo tsa hae li ile tsa hatisoa ka 1946 bukeng e bitsoang Ach Gott vom Himmel sieh darein—Sechs Predigten (Uena Molimo, Sheba U le Maholimong—Lipolelo Tse Tšeletseng). Buka ena e re:

“Mang kapa mang ea batlang ho beha Molimo molato bakeng sa [lintoa] ha a tsebe Lentsoe la Molimo kapa ha a batle ho le tseba. Ho hlakile hore ke taba e fapaneng hore na rōna Bakreste re molato ka tekanyo e khōlō bakeng sa lintoa tse sa khaotseng kapa che. ’Me re ke ke ra qoba potso ena habonolo hakaalo. . . . Ho ka boela ha hopoloa ka nepo hore likereke tsa Bokreste, ho theosa le lilemo, khafetsa li ’nile tsa inehela ho hlohonolofatseng lintoa, masole le libetsa le hore li ’nile tsa rapela ka tsela eo ka sebele e seng ea Bokreste li rapella ho timetsoa ha lira tsa tsona ntoeng. Sena sohle ke molato oa rōna le molato oa bo-ntat’a rōna, empa ho hang Molimo ha a molato. ’Me rōna Bakreste ba kajeno re lula re hlabiloe ke lihlong ka pel’a seo ho thoeng ke sehlopha sa bokhelohi se kang Liithuti tsa Bibele tse Nkang Lintho ka Botebo [Lipaki tsa Jehova], tse ileng tsa ea likampong tsa mahloriso ka makholo le ka likete [tsa ba] tsa e-shoa hobane li ile tsa hana tšebeletso ea sesole ’me tsa hana ho thunya batho.”

Kajeno, lilemo tse ka bang 50 ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše, mantsoe a Niemöller a fa batho ba ratang khotso boitsebiso boo ho leng molemo ho bo hlahloba ka hloko. Che, Molimo ha a molato bakeng sa tšollo ea mali ea lichaba! Ka sebele, ka barapeli ba hae ba ’nete, ba sa nkeng karolo lintoeng tsa lefatše, Molimo o phatlalatsa bofelo bo atamelang ba lintoa tsohle.—Pesaleme ea 46:9; Johanne 17:16.

[Setšoantšo se leqepheng la 32]

USAF photo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela