Lenyalo la Lilemo Tse 403 le Maqakabetsing
SWEDEN, Kereke le Naha li ’nile tsa thabela kamano e haufi-ufi ka lilemo tse fetang 400. Hona joale, lenyalo la bolumeli le ’muso lea thekesela.
Bolutere bo ile ba hlongoa e le bolumeli ba Naha ka 1593 ’me Masweden ’ohle e ne e lokela ho ba litho tse kolobelitsoeng. Lilemo hamorao, ka bo-1850, ho ile ha etsoa phetoho. Ho ne ho se ho sa hlokahale hore Masweden a kolobetsoe; leha ho le joalo, a ne a ntse a talingoa e le litho tsa Kereke ea Lutere. Ka lebaka leo, a ne a lebeletsoe ho lefa karolo ea 1 lekholong ea moputso oa ’ona o seng o ntšitsoe lekhetho bakeng sa ho tšehetsa kereke le ho lefa litšebeletso tse ling tse itseng tsa sechaba tse fanoang ke kereke. Haufinyane tjena, ho ile ha hlaha phetoho e ’ngoe. Ho tloha ka 1952, Masweden a ne a ka ikhula ka molao kerekeng ’me ka hona a lokoloha ho lefeng karolo e khōlō ea lekhetho la kereke.
Lilemong tsa morao tjena Kereke ea Lutere e tsoetse pele ho lahleheloa ke taolo ea eona Sweden. Sena e bile se ke keng sa qojoa, kaha karolo ea 10 lekholong ea baahi ba Sweden ke bajaki bao e seng Malutere, ho kopanyelletsa le Bajuda, Mak’hatholike le Mamosleme. Ka hona, qalong ea 1996, e ne e le karolo ea 86 lekholong feela ea Masweden e neng e ikarabella Kerekeng ea Lutere ’me palo e ntse e tsoela pele ho fokotseha.
Ho se tsotelle ho ntseng ho hōla ho qobella hore ho be le lekhalo lipakeng tsa Kereke le Naha. Ho se ho ntse ho phatlalalitsoe hore hase tlamo hore morena e be Molutere, ’me bana ba tsoetsoeng ke batsoali ba Malutere ha ba talingoe e se e ntse e le litho tsa Kereke ea Lutere ea Naha. Ho feta moo, ho latela The Dallas Morning News, ka selemo sa 2000, “naha le lipharishe tsa mona li tlameha ho lekanyetsa le ho arola thepa e ngata haholo. Kereke e lokela ho fokotsa lidolara tse limilione tse likete li 1,68 [liranta tse limilione tse 7850] tse reretsoeng ho sebelisoa selemo le selemo, tseo boholo ba tsona li bokelloang ka makhetho.” Ka mor’a ho fella ha lekholo lena la lilemo, kereke e tla ikhethela babishopo ba eona.
Ha Bokreste-’mōtoana bo hlaseloa ke ho se tsotelle le ke ho fokotseha ha litho tsa bona, Lipaki tsa Jehova tse Sweden li tsoela pele ho eketseha. Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 1997 e tlaleha hore ho na le bahoeletsi ba ’Muso oa Molimo ba 24487 naheng eo, ’me ba batlileng ba etsa karolo ea 10 lekholong ba bolela e le basebeletsi ba nako e tletseng ba bo-pula-maliboho. Bongata ba bona bo hahamalla litokelo tse eketsehileng tsa tšebeletso. Ka mohlala, nakong ea likopano tsa setereke tsa 1995 tsa Lipaki tsa Jehova, lipara tse 20 tsa banyalani li ile tsa kenya likōpo bakeng sa koetliso ea boromuoa Sekolong sa Bibele sa Gileade sa Watchtower. Ka nako eo, ho ne ho e-na le Masweden a 75 a fumaneng mangolo lihlopheng tse fetileng a neng a le tšebeletsong ea boromuoa likarolong tse fapaneng tsa lefatše. Ntle ho pelaelo, mohlala oa ’ona o motle le mangolo a ’ona a khothatsang hammoho le ho eta ha ’ona li na le phello e susumetsang ho bao hona joale ba nahanang ka tokelo ena e khōlō.
Ka hona, ha ba limilione ba Bokreste-’mōtoana ba sohlokeha maikutlo, Lipaki tsa Jehova li ‘bina ka lebaka la thabo ea lipelo tsa tsona.’—Esaia 65:13, 14.
[’Mapa o leqepheng la 30]
Sweden