Ho Jara Joko Bocheng
‘LINAKONG tsena tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona,’ bacha ba tobane le likhatello tse boima. (2 Timothea 3:1) Ba hlaseloa letsatsi le leng le le leng ke likhopolo tse ba khothalletsang boitšoaro bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali, ho tsuba le mefuta e meng ea boitšoaro bo senyang. Ba mamelang litekanyetso tsa Bibele ba ka ’na ba songoa ka lebaka la ho hana ho khema le bongata, ’me Bakreste ba bang ba ka ’na ba nahana hore ho tla ba bonolo haholoanyane ha ba inehela.
Ho elella bofelong ba lekholo la bosupa la lilemo B.C.E., Jeremia o ile a ngola: “Ho molemo ho motho ha a jara joko bocheng ba hae.” (Lillo tsa Jeremia 3:27) O ne a bolela eng? O ne a bolela hore ho ithuta ho tobana ka katleho le liteko bocheng ho thusa motho hore a tobane le liphephetso ha a le moholo. Le hoja mahlomola a sa thabise, bacha le batho ba baholo ba Bakreste ba ke ke ba a qoba. (2 Timothea 3:12) Empa melemo ea botšepehi e feta hōle khatholoho ea nakoana e ka tlisoang ke ho sekisetsa.
Haeba u mocha, tobana le liteko tsa tumelo ka botšepehi. Ha u lekoa hore u oele boitšoarong bo fosahetseng, hana ho sekisetsa. Leha ho ka ba thata hona joale ho etsa sena, qetellong u tla ba le matšoenyeho a fokolang. Jesu o tšepisitse: “Jarang joko ea ka . . . , ’me le tla fumanela lisoule tsa lōna khatholoho. Etsoe joko ea ka e mosa le mojaro oa ka o bobebe.”—Matheu 11:29, 30.
Amohela phephetso ea ho phela ka melao-motheo ea Bibele. Ho etsa joalo ho tla u neha tsela e molemohali ea bophelo hona joale le tšepo ea sebele bakeng sa bokamoso. Joalokaha Bibele e bolela, “lefatše lea feta ’me ho joalo le ka takatso ea lona, empa ea etsang thato ea Molimo o hlola ka ho sa feleng.”—1 Johanne 2:17.