‘Ke Tla Tšabela ho Molimo’
‘LINAKONG tsena tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona,’ liteko le likhatello li eketseha le ho feta. Ka mohlala, botšepehi ba rōna bo ka lekoa moo re sebetsang teng. Boitšoaro ba rōna bo hloekileng bo ka lekoa ke bao re kenang sekolo le bona. ’Me botšepehi ba rōna hangata bo lekoa ke lefatše lena le senyehileng boitšoarong.—2 Timothea 3:1-5.
Mongoli oa Bibele Asafe le eena o ne a phela nakong ea ha bokhopo bo ne bo atile. Ba bang ba batho ba mehleng ea hae ba ne ba bile ba ithorisa ka boitšoaro ba bona ba ho se tšabe Molimo. Asafe o ile a ngola: “Boikhōhōmoso ke sefaha, ke sefaha melaleng ea bona, sehlōhō ke seaparo seo ba se apereng. Baa tlaka, ’me ba bua tse mpe, ba sokela batho ka boikhantšo.” (Pesaleme ea 73:6, 8, BPN) Na boitšoaro boo bo tloaelehile?
Bakeng sa ba lakatsang ho etsa se nepahetseng, boitšoaro bo joalo bo tšoenya haholo, esita le hona ho nyahamisa. Asafe o ile a lla: “Ke ne ke khathatseha letsatsi lohle . . . ho ne ho ntšoenya.” (Pesaleme ea 73:14, 16, NW) U ka ’na ua ikutloa ka tsela e tšoanang, empa u se ke ua felloa ke tšepo! Asafe o ile a khona ho sebetsana ka katleho le bokhopo ba mehleng ea hae, ’me le uena ka ho tšoanang, u ka khona. Empa joang?
Asafe o ile a elelloa hore ho batla ho le thata ho fumana toka ea ’nete tlas’a puso e sa phethahalang ea motho. (Pesaleme ea 146:3, 4; Liproverbia 17:23) Ka hona, ho e-na le hore a senye nako ea hae ea bohlokoa, matla le maruo a leka ho felisa bokhopo bo mo potileng, o ile a lebisa tlhokomelo ea hae kamanong ea hae le Molimo. Asafe o ile a re: “Empa ha e le ’na, ho ba haufi le Molimo, ke molemo ho ’na; ke beile setšabelo sa ka ho Morena Jehova.”—Pesaleme ea 73:28.
Kajeno, ba kopanelang mekhoeng e sa tšepahaleng ea khoebo hangata ba thabela melemo ea lintho tse bonahalang. Ba bangata ba ka ba ba ithorisetsa ho se hlomphe ha bona melao ea boitšoaro ea Molimo. Empa ba ke ke ba ba teng ka ho sa feleng. Asafe o ile a re: “U mpa u ba beile nģalong tse thellang, ua ba liha, ’me ba senyehile.”—Pesaleme ea 73:18.
E, ka nako e tšoanelang ea Molimo, bolotsana, pefo le tšenyeho, hammoho le mekhoa e meng eohle e sa hlompheng Molimo eo Bakreste ba ’nete ba lokelang ho e qoba, e tla felisoa. Bibele ea tšepisa: “Hobane ba bolotsana ba tla felisoa, athe ba itšepetseng Jehova ba tla rua lefatše.” (Pesaleme ea 37:9) Ho sa le joalo, e se eka re ka pheta mantsoe a mopesaleme ea ileng a re: ‘Jehova ke lefika la ka, qhobosheane ea ka, monamoleli oa ka, Molimo oa ka, lefika la ka lee ke tšabelang ho lona.’—Pesaleme ea 18:2.