Lipotso Tse Tsoang Ho Babali
Maikutlo a Bibele ke afe mabapi le kahlolo ea lefu bakeng sa linokoane?
Ka ho utloahalang, tabeng ena e mong le e mong oa rōna a ka ’na a ba le maikutlo a botho a thehiloeng phihlelong ea hae kapa boemong ba hae ba bophelo. Empa joaloka Lipaki tsa Jehova, re lokela ho leka ho lumellana le mohopolo oa Molimo malebana le kahlolo ea lefu, re ntse re lutse re sa nke lehlakore mabapi le boemo ba lipolotiki boo ba bangata ba bo nkang tabeng ena.
Ho toba taba, ka Lentsoeng la hae le ngotsoeng, Molimo ha a bontše hore kahlolo ea lefu e fosahetse.
Qalehong ea pale ea motho, Jehova o ile a bolela maikutlo a hae tabeng ena, joalokaha re bala ho Genese khaolo ea 9. Ho ne ho ama Noe le lelapa la hae, bao e bileng baholo-holo ba lelapa lohle la moloko oa batho. Ka mor’a hore ba tsoe ka arekeng, Molimo o ile a re ba ka ja liphoofolo—ke hore, liphoofolo li ne li ka bolaoa, tsa ntšoa mali ’me tsa jeoa. Joale, ho Genese 9:5, 6, Molimo o ile a re: “Ka ’nete, ke tla batla mali a lona, e leng bophelo ba lōna, ke tla a batla ho tsohle tse phelang; ke tla batla bophelo ba motho ho motho, le ho ngoan’abo motho. Ea tšollang mali a motho, le a hae mali a tla tšolloa ke motho; hobane Molimo o entse motho ka setšoantšo sa oona.” Kahoo, Jehova o ile a lumella kahlolo ea lefu tabeng ea babolai.
Nakong eo Molimo a neng a sebelisana le Iseraele e le sechaba sa hae, batho ba ne ba ahloleloa lefu bakeng sa litlōlo tse ling tse tebileng tse fapa-fapaneng tsa molao oa Molimo. Ho Numere 15:30 (BPN), re bala polelo ena e pharaletseng: “Motho ea tlōlang molao ka boomo, e ka ba letsoalloa la naha kapa mojaki, eo o nyefola Morena, ’me o tla khaoloa sechabeng sa habo.”
Empa ho thoe’ng ka mor’a hore ho thehoe phutheho ea Bokreste? Bonneteng, rea tseba hore Jehova o ile a lumella mebuso ea batho hore e be teng, ’me o ile a e beha hore e be balaoli ba phahameng. Ha e le hantle, ka mor’a ho khothalletsa Bakreste hore ba utloe balaoli ba joalo ba mebuso, Bibele e re bao ba sebeletsa e le “mosebeletsi oa Molimo ho uena molemong oa hao. Empa haeba u etsa se sebe, u be tšabong: kaha hase ntle ho morero a jereng sabole; etsoe ke mosebeletsi oa Molimo, mopheteletsi ho bontša khalefo ho ea tloaetseng ho etsa se sebe.”—Baroma 13:1-4.
Na seo se bolela hore mebuso e lumeletsoe esita le ho felisa bophelo ba ba etsang bonokoane bo tebileng? Ho latela mantsoe a ho 1 Petrose 4:15, re tla lokela ho phetha ka hore ho joalo. Temaneng eo, moapostola o ile a phehella barab’abo: “A ho se ke ha e-ba le ea mong oa lōna ea utloang bohloko e le ea bolaeang khahlanong le molao kapa lesholu kapa moetsi oa bobe kapa e le ea itšunya-tšunyang litabeng tsa batho ba bang.” Na u hlokometse mantsoe a reng, “a ho se ke ha e-ba le ea mong ho lōna ea utloang bohloko e le ea bolaeang khahlanong le molao”? Petrose o ne a sa fane ka maikutlo a hore mebuso ha e na tokelo ea ho hlokofatsa ’molai bakeng sa tlōlo ea hae ea molao. Ho fapana le hoo, o ne a bontša hore ka nepo, ’molai a ka fumana kotlo e mo loketseng. Na eo e ne e tla akarelletsa kotlo ea lefu?
E ne e ka e akarelletsa. Sena se hlaka mantsoeng a Pauluse a fumanoang ho Liketso khaolo ea 25. Bajuda ba ne ba qositse Pauluse ka litlōlo tse khahlanong le Molao oa bona. Ha molaoli oa sesole a romela motšoaruoa oa hae, Pauluse, ho ’musisi oa Roma, o ile a tlaleha sena ho Liketso 23:29: “Ka fumana a qosoa ka litsekisano tsa Molao oa bona, empa a sa qosoe ka ntho leha e le ’ngoe e tšoaneloang ke lefu kapa litlamo.” Ka mor’a lilemo tse peli Pauluse o ile a iphumana a le ka pel’a ’Musisi Festase. Ho Liketso 25:8 rea bala: “Pauluse a re ha a itšireletsa: ‘Ha kea etsa sebe leha e le sefe khahlanong le Molao oa Bajuda leha e le khahlanong le tempele kapa khahlanong le Sesare.’” Empa hlokomela litlhaloso tsa hae mabapi le kotlo, esita le kahlolo ea lefu. Re li bala ho Liketso 25:10, 11:
“Pauluse a re: ‘Ke eme ka pel’a setulo sa kahlolo sa Sesare, moo ke tšoanelang ho ahloloa teng. Ha kea fosetsa Bajuda, joalokaha le uena u fumana hantle haholo. Haeba, ka lehlakoreng le leng, kannete ke mofosi ’me ke entse ntho leha e le efe e tšoaneloang ke lefu, ha ke ikhule ho shoeng; haeba, ka lehlakoreng le leng, ha ho letho le teng la lintho tseo tseo banna bana ba nqosang ka tsona, ha ho motho ea ka nehelanang ka ’na ho bona ho ba thabisa. Ke ipiletsa ho Sesare!’”
Pauluse o ile a lumela a eme ka pel’a ’musi ea nang le matla hore Sesare o na le tokelo ea ho otla bafosi, esita le ho ba ahlolela lefu. Ha aa ka a hanyetsa kotlo tabeng ea hae haeba a ne a le molato. Ho feta moo, ha aa ka a re Sesare a ka sebelisa kahlolo ea lefu ho babolai feela.
Rea lumela hore tsamaiso ea Roma ea boahloli e ne e sa phethahala; leha e le hore litsamaiso tsa makhotla a batho tsa kajeno li phethahetse. Batho ba bang ba hlokang molato morao koo le kajeno ba fumanoe ba le molato ’me ba ahloloa. Esita le Pilato o ile a re ka Jesu: “Ha kea ka ka fumana letho le tšoaneloang ke lefu ho eena; ka hona ka sebele ke tla mo shapa ’me ke mo lokolle.” E, le hoja molaoli oa ’muso a ile a lumela hore Jesu o hloka molato, monna enoa oa batho o ile a ahloleloa lefu.—Luka 23:22-25.
Ho hloka toka ho joalo ha hoa ka ha etsa hore Pauluse kapa Petrose ba phehe khang ea hore kahlolo ea lefu e hanana le molao-motheo oa se nepahetseng. Ho e-na le hoo, mohopolo oa Molimo tabeng ena ke hore hafeela balaoli ba phahameng ba Sesare ba ntse ba le teng, ba ‘jere sabole ho bontša khalefo ho ea tloaetseng ho etsa se sebe.’ Seo se akarelletsa ho sebelisa sabole ka kutloisiso ea ho sebelisa kahlolo ea lefu. Empa ha ho tluoa potsong e tsosang khang ea hore na ’muso leha e le ofe oa lefatše lena o lokela ho sebelisa tokelo ea oona ea ho ahlolela babolai lefu kapa che, ka tsela e hlokolosi Bakreste ba ’nete ha ba nke lehlakore. Ho fapana le baruti ba Bokreste-’mōtoana, ha ba kenelle phehisanong leha e le efe tabeng ena.