Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w97 7/1 leq. 32
  • Ha U Eteloa ke Lipaki Tsa Jehova

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ha U Eteloa ke Lipaki Tsa Jehova
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
w97 7/1 leq. 32

Ha U Eteloa ke Lipaki Tsa Jehova

Mak’hatholike a lokela ho etsa’ng ha e mong oa Lipaki tsa Jehova a etela malapeng a ’ona? Khatiso e ’ngoe ea morao tjena e hlophisitsoeng ke National Catechistic Bureau of the Italian Bishops’ Conference ea bolela: “Ho hana ho bua le tsona, ka mokhoa o mosa empa leha ho le joalo e le o tiileng, tabeng ena hase bokhopo.”

Hase Makhatholike ’ohle a lumelang sena, joalokaha ho bontšitse lengolo le romeletsoeng koranta ea letsatsi le letsatsi ea Gazzetta del Mezzogiorno, ke monna ea lulang Foggia, Italy:

“Ha ke Paki ea Jehova. Ke Mok’hatholike. Empa ke makatsoa ke melao e itseng eo kereke e e etsetsang batšepehi ba eona, e ba bolellang hore ba manamise mamating a bona boitsebiso bo lelekang Lipaki tsa Jehova. Ha e le hantle batho bana ba mpa ba bolela Lentsoe la Molimo, ’me ba thusa ba bang hore ba be le tsebo e eketsehileng ka Bibele. Sena se nkhopotsa nako ea ha Italy e ne e hlasetsoe ke seoa sa k’holera ’me re fuoa likeletso tsa hore na re qobe ho tšoaetsoa joang.

“Ho ea kamoo ’na ke bonang kateng, sena se bontša hore kereke e hatella melao ea eona ntle le ho nahanela seo batšepehi ba eona ba se ratang. Empa e se e le lilemo joale ke bona hore le ’ona Mak’hatholike a ea ka ntlo le ntlo, a etela le ’ona malapa a Lipaki tsa Jehova; ’me lia a amohela, li qoqe le ’ona, li sa leleke leha e le mang.”

Lipaki tsa Jehova ha li qobelle batho hore ba amohele molaetsa oa tsona. Ho e-na le hoo, li leka ka matla ho arolelana le ba bang tšepo eo li nang le eona Lentsoeng la Molimo eo ka botsona li e fumaneng e tšelisa linakong tsena tse tšoenyang. Ka ho ea ka ntlo le ntlo, haesita le ka ho bua le bao li kopanang le bona seterateng, Lipaki tsa Jehova li arolelana litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo le ba ikemiselitseng ho mamela.—Matheu 24:14; Liketso 5:42; 17:17.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela