Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w97 7/15 leq. 32
  • “Mahakoe a ’nete”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Mahakoe a ’nete”
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
w97 7/15 leq. 32

“Mahakoe a ’nete”

“Mahakoe a ’nete.” Ke kamoo lengolo le fumanoeng ke lekala la Nigeria la Lipaki tsa Jehova le hlalositseng limakasine tse peli tse khethehileng kateng. Mohlankana ea ngotseng oa hlalosa:

“Ke ngola ho le leboha ka ho tebileng bakeng sa boiteko ba lōna ba ho ama hoo e batlang e le likarolo tsohle tsa bophelo ba letsatsi le letsatsi limakasineng tsa Molula-Qhooa le Tsoha!

“Ke lilemo li 17. Selemong se fetileng seteishene sa seea-le-moea se ile sa lokisetsa tlhōlisano ea ho ngola moqoqo sehloohong se reng ‘Ho na le ho Eketsehileng Leratong ho Feta Likamano Tsa Botona le Botšehali—AIDS ke Ntho ea Sebele.’ Moqoqo ka mong o ne o loketse ho ba le mantsoe a seng ka tlaase ho makholo a mane. Ho ne ho tla fanoa ka moputso oa linaira tse 1000 [R58,50] bakeng sa moqoqo o fetang e meng. Ha e le hantle, ho ile ha thoe batho ba lokela ho ngola molemong oa thuto, eseng feela molemong oa ho hapa moputso. . . .

“Ke ile ka fumana boitsebiso bo buang ka AIDS limakasineng tsena ka bobeli. Mabapi le lerato, ho ne ho e-na le letoto le sa feleng la lihlooho. Ke ile ka sebelisa lintlha tse hlahileng ho Tsoha! [ea Senyesemane] ea August 8, 1978.

“Ka mor’a likhoeli tse ka bang peli ke romeletse moqoqo oa ka, liphetho li ile tsa tsoa. Ho makaleng ha ka, ke ne ke fumane boemo ba pele libakeng tsa Cross River le Akwa Ibom!

“Boitsebiso bohle boo ke bo sebelisitseng bo ne bo tsoa limakasineng tsena. Ho babatseha haholo hore ebe Jehova o re fa boitsebiso bo nakong hakana, lefatšeng lena le tšoenyang le le senyehileng. Joaloka Bakreste ba ’nete, rea tseba hore ho na le ho hongata haholo leratong ho feta likamano tsa botona le botšehali. ’Me ntle ho pelaelo, ho phela ka boitšoaro bo hloekileng ho re sireletsa mafung a kang AIDS.

“Ke susumelletseha ho le leboha bakeng sa mahakoe ana a ’nete ao le sa khathaleng ho a etsa. E se eka Jehova a ka tsoela pele ho hlohonolofatsa boiteko ba lōna ha le ntse le tsoela pele ho fana ka limakasine tsena tsa bohlokoa.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela