Na U Labalabela Lefatše le Nang le Toka?
SEKEPE se entsoeng ka lehong se nang le litšiea tse tharo le mekato e ’meli se tla se lebile lebōpong la leoatle la seo hona joale e leng Cape Cod, Massachusetts, U.S.A. Moqhobi le bapalami ba 101 ba se palameng ba khathetse ke ho ba leoatleng ka matsatsi a 66. Ba tsamaile leeto lena le boima ho tšelela ka mose ho Leoatle la Atlantic moo ba lekang ho baleha mahloriso a bolumeli le mathata a moruo.
Ka la 11 November, 1620, ha bapalami ba sekepe sena se bitsoang Mayflower ba bona moo ho omileng, mahlo a bona a phatsima ke tšepo ea ho qala bophelo bo bocha. Ba lakatsa ho rala motheo oa lefatše le molemo, boholo ba bapalami ba banna ba sekepe seo ba seng ba hōlile ba ile ba tekenela Tumellano ea Mayflower. Tumellanong ena, ba ntsoe-leng ho theha “melao e nang le toka le e hlokang leeme molemong oa kolone ena ka kakaretso.” Na toro ea bona ea lefatše le lokileng boitšoarong le le hlokang leeme ho bohle—lefatše le nang le toka—e ile ea phethahala?
Le hoja Tumellano e tekenetsoeng sekepeng sa Mayflower e nkoa e le o mong oa metheo ea tsamaiso ea puso ea Maamerika, leeme le atile Amerika, joalo feela kaha le tletse lefatšeng ka bophara. Ka mohlala, nahana ka monna ea ileng a thunngoa ke mapolesa ha a leka ho baleha ka mor’a hore a utsoetse mong’a lebenkele ka likhoka ’me a mo thunye. O ile a qosa mapolesa le motse oa New York ’me a tlameha ho lefuoa limilione tsa lidolara.
Nahana ka mohlala o mong. Ha liithuti tsa sekolo sa molao li ne li ngola tlhahlobo ea tsa molao Pasadena, California, se seng sa tsona se ile sa tsietsana ’me sa akheha. Liithuti tse peli tse neng li le haufi le sona li ile tsa se potlakela ka thuso ea pele ho fihlela ha basebetsi ba thuso ea bongaka ea tšohanyetso ba fihla. Li ne li qetile metsotso e 40 li thusa seithuti seo. Empa ha li kōpa ho ekeletsoa nako e le hore li qetele ho ngola, ofisiri ea tsa molao e ile ea hana.
Taba e ’ngoe ke ea ho ahlola ba tlōtseng molao. Ed Rubenstein, setsebi sa tsa moruo, o re: “Boholo ba batho ba tlōlang molao ha ho mohla ba tšoaroang. Ba bangata ba ba tšoeroeng ha ba ahloloe. Batho ba bangata ba fumanoeng ba le molato ba lokolloa pele ho nako. Kahlolo eo motlōli oa molao a e lebeletseng, ke ntho eo ho ka ’nang ha etsahala hore a e fumane, eseng hore joang kapa joang o tla e fumana.” A sebelisa boitsebiso bo mabapi le ho thuhuoa ha matlo, o phetha ka hore lesholu la nakong e tlang le thuhang matlo le “tla pholoha ho koalloa chankaneng ka makhetlo a 98 lekholong ho feta hona joale.” Menyetla e fokolang ea ho ahloloa e eketsa tlōlo ea molao le bahlaseluoa ba eona.—Moeklesia 8:11.
Linaheng tse ngata, batho ba seng bakae ba ruileng ba ntse ba rua le ho feta, ha mafutsana a mangata ’ona a tobana le ho hloka toka ha moruo. Ho hloka toka ho joalo ho atisoa ke ha batho ba fumana monyetla o fokolang oa ho ntlafatsa boemo ba bona kapa hona ho itlhokomela ka lebaka la ’mala oa bona, semelo sa morabe, puo, bong kapa bolumeli ba bona. Ka mohlala, ho latela The New York Times, “batho ba ka etsang limilione tse 250 ba Asia Boroa eo ho eona ho renang Bohindu—bao boholo ba bona bo leng India le Nepal—baa tsoaloa ba be ba shoe e le ba iloang.” Seo se feletse ka hore ba limilione ba harasoanngoe ke bofutsana, tlala le maloetse. Ho hloka toka ho mamaretse bophelo ba bona ho tloha boseeng ho fihlela lefung.
Ho thoe’ng ka ho hloka toka ho bonahalang ho phahametse matla a motho? Nahana ka bana ba tsoaloang ba e-na le lipha tsa tlhaho—e le lifofu, lihole kapa likooa. Na mosali eo ngoana oa hae a hlahang e le seritsa kapa a khathetse a ke ke a ba le maikutlo a ho hlokahala ha toka ha a sheba basali ba pel’a hae ba sikileng masea a phelang hantle?
Ka masoabi, ho hloka toka ho atile, ’me ho joalo le ka liphello tsa hona—mahlomola a maholohali le ho hlokahala ha khotso, thabo le khotsofalo. Ba halefisitsoe ke ho hlokahala ha toka hoo ba ho bonang kapa ba thulanang le hona, ba bangata ba retelehetse pefong, e leng ho mpang feela ho ekelitse mahlomola a batho. Lintoa tse ngata li loannoe ka lebaka la ho hlokahala ha toka ho neng ho bonoa.
Ke hobane’ng ha batho ba hlōlehile ho etsa lefatše le nang le toka? Na lefatše le joalo e mpa e le toro feela?
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]
Corbis-Bettmann
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
Ho tekeneloa Tumellano ea Mayflower
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Corbis-Bettmann