Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w97 11/15 leq. 32
  • Ho Hlobaela Bosiu Ho Ileng Ha E-ba Molemo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Hlobaela Bosiu Ho Ileng Ha E-ba Molemo
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
w97 11/15 leq. 32

Ho Hlobaela Bosiu Ho Ileng Ha E-ba Molemo

ESITA le marena a ba le masiu ao a hlobaelang ka ’ona. Lekholong la bohlano la lilemo B.C.E., morena ea matla oa Persia, Assueruse, o ile a ba le bo bong ba ’ona. Mohlomong a nahana hore o ’nile a hlokomoloha mosebetsi o itseng, o ile a re a balloe litlaleho tsa borena. O ile a ithuta hore mohlanka ea tšepahalang, Mordekai, o ile a nyopisa morero o mobe oa polao empa o ne a sa ka a putsoa. Hang-hang Assueruse o ile a ikemisetsa ho lokisa taba ena e neng e tlōlisitsoe mahlo. Liphello tse molemo tse ileng tsa e-ba ho batho ba Molimo li bontša hore ho hlobaela ha morena ho ne ho susumelitsoe ke Molimo.—Esthere 6:1-10.

Phutheho ea Lipaki tsa Jehova e motseng o lebōpong la leoatle oa Hermanus, Afrika Boroa, e na le lebaka la ho hopola karolo ena ea Bibele. E ne e kopanela holong e hiroang. E ne e ile ea leka ka lilemo tse ngata ho reka setša bakeng sa ho ikahela Holo ea ’Muso. Qetellong ka 1991, Lekhotla la Motse le ile la fana ka setša se boemong bo botle.

Leha ho le joalo, ba bang ba ile ba hanyetsa hore Lipaki tsa Jehova li rekisetsoe setša sena. Ka mor’a ho ema likhoeli tse ’maloa, phutheho e ile ea tsebisoa hore ho behiloe thibelo ea molao ka lilemo tse tharo ea hore likereke li se reke litša, ’me ho ile ha koeneheloa taba ea setša se neng se se se fanoe. Phutheho eo e ile ea ngola hape ka May 1993 e kōpa hore lekhotla le boele le nahanisise ka qeto ea lona. E ile ea fumana lengolo le arabang ka mola o le mong, le bolela hore thibelo e ntse e sebetsa.

Ka October selemong sona seo, setho se seng sa lekhotla se ile sa hlobaela bosiu. Se ile sa khanna nako ka ho bala lintlha tsa khale tsa lipuisano tsa lekhotla ho bona haeba ho e-na le litaba tse hlokang ho sebetsoa. Se ile sa thahasella lengolo la Lipaki le neng le kōpa hore lekhotla le boele le nahanisise ka qeto ea lona. Kahoo, se ile sa etsa qeto ea ho kenya taba eo letotong la litaba tseo ho tla buisanoa ka tsona sebokeng sa tsona se latelang. Se ne se batla ho phahamisa ntlha ea hore Lipaki tsa Jehova li ne li entse kōpo ea setša pele likereke li ka beheloa thibelo ea ho reka litša.

Ka nako e loketseng, phutheho e ile ea fuoa sona setša seo e neng e ile ea se fuoa sethathong ka 1991! Se ’mileng o moholo moo litho tsa phutheho le batho ba thahasellang ba fihlang habonolo. E hahile Holo ea ’Muso e ntle, e ileng ea neheloa ho Jehova ka la 5 October, 1996.

Le hoja phutheho e hlomohela setho sa lekhotla ka ho hlobaela bosiu, se ka ’na sa tšelisoa ke taba ea hore esita le Morena Assueruse o ile a hlobaela. ’Me maemong ka bobeli, liphello li bile molemo. Ka sebele, phutheho ea Hermanus e thabile ka ho fetisisa ka ho ba le Holo ea eona ea ’Muso, setsi sa borapeli bo hloekileng le koetliso ea puso ea Molimo motseng ona o tummeng o lebōpong la leoatle.—Baheberu 10:24, 25.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela