Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w97 12/15 leq. 32
  • Ho Khaba ka Lesale la Khauta

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Khaba ka Lesale la Khauta
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
w97 12/15 leq. 32

Ho Khaba ka Lesale la Khauta

HO TLOHA mehleng ea khale, haesale mabenyane a khauta a nkeloa holimo ka lebaka la bohlokoa ba ’ona le botle ba ’ona. Ha Josefa e e-ba tona-khōlō Egepeta, Faro o ile a mo fa sefaha sa khauta. (Genese 41:42) Rebeka o ile a fuoa lesale la nko la khauta le lipetja tse peli tsa khauta, tse jang hoo e ka bang R6200 ka chelete ea kajeno. (Genese 24:22) Ntle ho pelaelo, limpho tsena tsa bohlokoa li ne li amoheloa ka teboho ’me li roaloa ka nyakallo.

Bibele e bua ka mabenyane a tšoantšetso ao ka bohlokoa a fetang hōle a ileng a roaloa ke Josefa le Rebeka. Liproverbia 25:12 e re: “Monyatsi ea hlalefileng, litsebeng tsa motho ea utloang, o joalo ka lesale la khauta, le lepetu la khauta e hloekileng.” Ha moeletsi a fana ka keletso e thehiloeng Lentsoeng la Molimo ho e-na le ho fana ka maikutlo a hae, ka sebele o fana ka mpho ea bohlokoa. Hobane’ng? Hobane ha e le hantle, keletso eo e tsoa ho Jehova ka boeena. Bibele ea re bolella: “Mora oa ka, u se ke ua nyelisa taeo ea Jehova, u se ke ua felloa ke pelo ha u otloa ke eena. Hobane Jehova o khalemela eo a mo ratang, joalo ka ntat’a motho a eeng a khalemele mora oa hae ea ratoang.” (Liproverbia 3:11, 12) Ha ea mamelang a amohela keletso ’me a e sebelisa, ho joalokaha eka o ikhabisa ka lesale la khauta. Ho joalokaha maele a bululetsoeng a Bibele a re: “Ho lehlohonolo motho ea fumaneng bohlale, ea fihletseng kutloisiso; hobane khoebo ea jona e fetisa silefera, ho ata ha jona ho fetisa ha khauta.”—Liproverbia 3:13, 14.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela