Na U sa Hopola?
Na u thabetse ho bala litokollo tsa morao tjee tsa Molula-Qhooa? Joale ak’u hlahlobe hore na u ka arabela lipotso tse latelang:
◻ Morero o ka sehloohong oa thuto bakeng sa mocha oa Mokreste ke ofe?
Morero o ka sehloohong oa thuto e lokela ho ba ho hlomella mocha hore e be mosebeletsi oa Jehova ea atlehang. ’Me thuto ea bohlokoa ka ho fetisisa bakeng sa ho finyella seo ke thuto ea moea.—8/15, leqepheng la 21.
◻ Ke hobane’ng ha re lokela ho tlalehela baholo phoso e tebileng ea Mokreste e mong?
Lebaka le leng la ho tlaleha phoso ke hore hoo ho boloka phutheho e hloekile. Lebaka le leng ke hore ho etsa joalo ke ketso ea lerato la Bokreste le laoloang ke melao-motheo le bontšoang ho Molimo, ho phutheho le ho mofosi.—8/15, leqepheng la 28, 30.
◻ Ho lula u “hopolela haufi ho ba teng ha letsatsi la Jehova” ho bolela eng? (2 Petrose 3:12)
Sena se bolela ho se khutlisetse “letsatsi la Jehova” morao likelellong tsa rōna. Ha rea lokela ho lebala hore letsatsi leo ka lona Jehova a tla felisa tsamaiso ena le haufi. Le lokela hore ebe la sebele ho rōna hoo re le bonang ka ho hlaka, e le le haufi haholo ka pele ho rōna. (Sofonia 1:7, 14)—9/1, leqepheng la 19.
◻ Ke hobane’ng ha matsatsi a ho qetela a tsamaiso ee e khopo a tsoetse pele halelele ho feta kamoo ba bangata ba neng ba lebeletse?
Jehova o nahanela se leng molemong oa moloko oohle oa batho. O amehile ka bophelo ba batho. (Ezekiele 33:11) Re ka kholiseha hore bofelo bo tla tla ka nako e nepahetseng ho phethahatsa morero oa ’Mōpi oa rōna ea bohlale ka hohle le ea lerato.—9/1, leqepheng la 22.
◻ Ke joang ba tšebeletsong ea nako e tletseng ba ka lulang ba thabile ho sa tsotellehe mathata ao ba ka thulanang le ’ona?
Ba lokela ho nahana ka litlhohonolofatso tse ngata tseo ba nang le tsona ’me ba lemohe hore ba bang ba likete ba na le mathata a maholoanyane. (1 Petrose 5:6-9)—9/15, leqepheng la 24.
◻ Pakane ea William Tyndale ea ho fetolela Bibele e ne e le efe?
Pakane ea Tyndale e ne e le ho etsa hore batho feela ba tloaelehileng ba fumane Mangolo ka puo e tobileng le e bonolo ka hohle kamoo ho ka khonehang.—9/15, leqepheng la 27.
◻ Re ka bontša joang hore re babuelli ba tšepahalang ba Lentsoe la Molimo?
Re bontša botšepehi ba rōna Lentsoeng la Molimo ka ho le bolella ba bang ka cheseho. Joaloka mesuoe, re lokela ho sebelisa Bibele ka hloko, le ka mohla re se ke ra sotha kapa ra eketsa seo e se bolelang hore se lumellane le maikutlo a rōna. (2 Timothea 2:15)—10/1, leqepheng la 20.
◻ Moea oa lefatše o chefo o ka fokolisa botšepehi ba rōna joang?
Moea oa lefatše o ka fokolisa botšepehi ba rōna ka ho etsa hore re se khotsofalle seo re nang le sona ’me re tšoenyehe ka ho beha litlhoko le litakatso tsa rōna ka pele ho tsa Molimo. (Bapisa le Matheu 16:21-23.)—10/1, leqepheng la 29.
◻ Ho sebeletsa Jehova ka moea oohle ho bolela’ng?
“Moea” o bolela motho kaofela, ka matla ’ohle a hae a ’mele le a kelello. Ho sebeletsa Jehova ka moea oohle ho bolela ho itella ba bang, ho sebelisa tsebo eohle ea rōna le ho sebelisa matla ’ohle a rōna ka hohle kamoo ho ka khonehang tšebeletsong ea Molimo. (Mareka 12:29, 30)—10/15, leqepheng la 13.
◻ Senotlolo sa ho ba motho ea sebelisang molao-motheo oa bomolimo ke sefe?
Ka sebele, senotlolo ke ho tseba Jehova, lintho tseo a li ratang le tseo a sa li rateng, le merero ea hae. Ha melao ena ea sehlooho e tsamaisanang le Molimo e laola bophelo ba rōna, ha e le hantle, e fetoha melao-motheo e sebetsang. (Jeremia 22:16; Baheberu 4:12)—10/15, leqepheng la 29.
◻ Bahlanka ba Jehova ba na le pono efe e leka-lekaneng mabapi le puso ea motho?
Ha ba jele paate litabeng tsa lipolotiki kaha ba sebeletsa e le manģosa kapa baemeli ba ’Muso oa Molimo. (2 Bakorinthe 5:20) Ka lehlakoreng le leng, tumellanong le matsoalo a bona, ba ipehile tlas’a ba nang le matla a ho laela.—11/1, leqepheng la 17.
◻ Re ka ithuta eng ka tsela eo moprofeta Elisha a ileng a e nka?
Ha a memeloa ho etsa tšebeletso e khethehileng le Elija, hang-hang Elisha o ile a siea tšimo ea hae ho sebeletsa Elija, le hoja mesebetsi ea hae e meng e ne e tla ba e tlaase. (2 Marena 3:11) Bahlanka ba bang ba Molimo kajeno ba bontšitse moea o tšoanang oa boitelo ka ho siea lintho tseo ba neng ba iphelisa ka tsona e le hore ba ka ea bolela litaba tse molemo libakeng tse hōle.—11/1, leqepheng la 31.
◻ Lengolo la Jakobo le na le temoso efe e molemo?
Le re bontša kamoo re ka thulanang le liteko kateng, le re fa keletso khahlanong le leeme, ’me le re phehella ho kopanela mesebetsing e lokileng. Jakobo o re phehella ho laola leleme, ho hanela tšusumetso ea lefatše le ho tlatsetsa khotsong. Lipolelo tsa hae li ka boetse tsa re thusa hore re se fele pelo ’me re rapele kamehla.—11/15, leqepheng la 24.
◻ Ke hobane’ng ha Jehova a ‘lula a loketse ho tšoarela’? (Pesaleme ea 86:5)
Jehova o tšoarela ka bolokolohi hobane ha a lebale hore re bōpiloe ka lerōle, re na le bofokoli kapa mefokolo ka lebaka la ho se phethahale. (Pesaleme ea 103:12-14)—12/1, leqepheng la 10, 11.
◻ Ke hobane’ng ha re lokela ho ikemisetsa ho tšoarela ba bang?
Haeba re hana ho tšoarela ba bang ha ho e-na le lebaka la mohau, ho ka ama kamano ea rōna le Molimo hampe. (Matheu 6:14, 15)—12/1, leqepheng la 17.