Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w98 3/1 leq. 7
  • Ke Hobane’ng ha li ho Etsa?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha li ho Etsa?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Likopano Bopaki ba Boena ba Rōna
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Likopano Tsa Setereke Tsa “Lentsoe la Molimo la Boprofeta” Tsa 1999
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
  • Likopano ke Liketsahalo Tse Thabisang Tse Pakang Hore re Mokhatlo oa Bara ba Motho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Likopano Tsa Rōna Tsa Setereke li Fana ka Bopaki bo Matla
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
w98 3/1 leq. 7

Ke Hobane’ng ha li ho Etsa?

SELEMO le selemo, lefatšeng ka bophara Lipaki tsa Jehova li bokana hammoho ka likete likopanong. Teng li thabela botsoalle le ho mamela lenaneo le babatsehang la thuto ea Bibele. Tse ling li etsa boiteko bo matla hore li be teng likopanong tsena. Ka mohlala, selemong se fetileng Malawi, banyalani ba bang ba bohareng ba lilemo tsa bona tsa bo-60, hammoho le mora oa bona le mosali oa hae le ngoana oa bona, ba ile ba tsamaea lik’hilomithara tse 80 ka baesekele hore ba be teng kopanong. Ba ile ba tloha motseng oa habo bona ka hora ea botšelela hoseng ’me ba fihla lebaleng la kopano lihora tse 15 hamorao.

Mozambique, sehlopha se seng se ile sa tsamaea matsatsi a mararo ka baesekele e le hore se e’o fihla kopanong. Bosiung bo bong ha se ne se robetse ka ntle, se ile sa utloa litau li rora haufi le moo se leng teng. Le hoja sehlopha seo se ile sa betsetsa patsi ka lehlakoreng leo liphoofolo tseo li neng li le ho lona, litau tseo li ile tsa hlola moo ho fihlela bosiu bo e-sa. Paki e ’ngoe e neng e ea kopanong eona eo e ile ea re ptjanptjang! le tau tseleng. E ile ea ema tsi! ho fihlela tau e tsamaea. Ha li le kopanong, Lipaki tsena li ile tsa pheta kamoo li ileng tsa “lopolloa molomong oa tau.”—2 Timothea 4:17.

Lipaki tsa Jehova tse ngata li etsa boiteko bo matla hore li be teng likopanong, esita le libokeng tsa phutheho tsa beke le beke bakeng sa borapeli. Hobane’ng? Lihlooho tse latelang li tla u thusa ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha ho bokana hammoho ho hlile ho le bohlokoa.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela