Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w98 8/1 leq. 32
  • Ke Mang ea Lokelang ho Jarisoa Molato?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Mang ea Lokelang ho Jarisoa Molato?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
w98 8/1 leq. 32

Ke Mang ea Lokelang ho Jarisoa Molato?

Ba bangata ba jarisa Molimo molato ka matšoenyeho a bona. Maele a Bibele a re: “Bothoto ba motho bo timetsa bophelo ba hae, ka pelong ea hae a korotlele Morena.” (Liproverbia 19:3, BPN) Leha ho le joalo, ho nka Molimo a ikarabella bakeng sa bomalimabe ba batho ho tšoana le ho jarisa moetsi oa koloi molato ka likotsi tse ngata tse bakoang ke ho khanna tlas’a tšusumetso ea tahi.

Molimo o file batho tataiso ea bohlokoa Lentsoeng la hae, Bibele. Ka ho ithuta libuka tsa eona tse halalelang le ka ho phela ka melao le melao-motheo eo e fanang ka eona, re ka qoba maraba a mangata bophelong. Ka lehlakoreng le leng, ho sebetsa khahlanong le tataiso ea Molimo ho isa tlokotsing. Ka mohlala, ba jang haholo, ba tsubang, ba noang haholo, kapa ba phelang ka boitšoaro bo bobe ba atisa ho tšoaroa ke mafu a kotsi ka lebaka la lintho tseo. (Luka 21:34; 1 Bakorinthe 6:18; 2 Bakorinthe 7:1) Moapostola oa Mokreste Pauluse o ile a ngola: “Leha e le sefe seo motho a se jalang, sena ka ho tšoanang o tla se kotula; hobane ea jalang ka sepheo sa ho jalla nama ea hae o tla kotula ho bola nameng ea hae, empa ea jalang ka sepheo sa ho jalla moea o tla kotula bophelo bo sa feleng moeeng.”—Bagalata 6:7, 8.

Ho molemo hakaakang ho phela ka melao ea Molimo le ka melao-motheo ea hae! Haeba re etsa joalo, re tla latsoa bonnete ba tšepiso ea Molimo eo a faneng ka eona ka moprofeta Esaia: “’Na Jehova, Molimo oa hao, ke u ruta se u tšoanelang, ke u tsamaisa ka tsela eo u tšoanetseng ho tsamaea ka eona. Oho! hoja u ka lemoha litaelo tsa ka! khotso ea hao e ka ’na ea phalla joalo ka nōka; ho loka ha hao ho ka tlala joalo ka maqhubu a leoatle.”—Esaia 48:17, 18.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela