Na U ka Khetholla se—Nepahetseng—Ho se—Fosahetseng?
“Ke ne ke ikarabella ka ho toba ho bolaoeng ha batho ba ka bang 25. . . . Ke bona setšoantšo sa ketsahalo eo kelellong ea ka bosiu bo bong le bo bong, letsatsi le leng le le leng. Kea phofa bosiu. . . . Ha ke ile sebakeng se itseng ke bona lifahleho tse nkhopotsang batho bao ke ba bolaileng. Ke bona seo ka ho hlaka, feela joalokaha eka se etsahetse kajeno, ka oona motsotso ona. . . . Ke sitoa ho itšoarela bakeng sa lintho tseo ke li entseng.”—V.S.
“Ke ile ka laeloa hore ke ee moo le hore ke ripitle ba lireng. . . . Ha kea ka ka lula fatše le ho nahana ka bona e le banna, basali le bana. . . . Ka nako eo ke ne ke ikutloa hore ke etsa kamoo ke laetsoeng kateng ’me le hona joale ke ntse ke ikutloa joalo, ’me ke ile ka phethahatsa litaelo tseo ke neng ke li filoe ’me ha ke ikutloe ke fositse ka ho etsa joalo.”—W.C.
KA LA 16 March, 1968, banna bana ba babeli ba qotsitsoeng ka holimo ba ile ba kenella ho seo hamorao se neng se tla bitsoa bonokoane bo nyonyehang ba ntoa. Bona, hammoho le masole a mang, ba ile ba kena motsaneng o monyenyane oa Mavietnam ’me ba bolaea baahi ba oona ba makholo—ho akarelletsa le basali, bana le banna-baholo. Empa hlokomela litsela tse sa tšoaneng tseo masole ana a mabeli a itšoarang ka tsona. Ka ho hlakileng lesole la pele le utloisitsoe bohloko ke seo le se entseng. La bobeli le ikutloa hore le entse se loketseng. Ho tla joang hore batho baa ba babeli ba itšoare ka litsela tse fapaneng hakaale empa ba bile le phihlelo e tšoanang?
Karabo ea potso eo e itšetlehile ka letsoalo—matla a kelello ao Molimo a re fileng ’ona a re thusang ho itlhahloba ka tsela e se nang leeme le ho ahlola liketso tsa rōna le merero ea rōna. Letsoalo ke boikutlo ba rōna bo ka hare-hare ba se nepahetseng le se fosahetseng.
Ha ba etsa liqeto, batho ba bang ba latela maele a reng, “Letsoalo la hao a e be motataisi oa hao.” Leha ho le joalo, ho soabisang ke hore hase kamehla letsoalo le ka tšeptjoang. Ha e le hantle, ba bangata ba ’nile ba lumella esita le ho etsa liketso tse sisimosang, ’me matsoalo a bona ha aa ka a ba khathatsa leha e le hanyenyane feela. (Johanne 16:2; Liketso 8:1) Joalokaha sengoli sa libuka sa Lenyesemane Samuel Butler se kile sa hlokomela, letsoalo “kapele-pele le khaotsa ho sebetsa ho ba sa batleng ho le mamela.”
Na u ka tšepa letsoalo la hao? Karabo e itšetlehile haholo ka hore na le koetlisitsoe hantle hakae, joalokaha sehlooho se latelang se tla bontša.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]
Upper war scene: U.S. Signal Corps photo