Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha
Eo e Neng e le Mohanyetsi o Ithuta ’Nete
HO TLALEHILOE lintho tse ngata litabeng mabapi le ntoa ea lehae ea Liberia. Ho ile ha shoa batho ba mashome a likete, ’me ba bangata ho feta moo ba ile ba lelekoa naheng. Ho sa tsotellehe mathata ana, batho ba pelo li tšepahalang ba ntse ba tsoela pele ho amohela ’nete, joalokaha phihlelo e latelang e bontša.
James o ile a rutoa ke Kereke ea Lutere ho tloha ha a le lilemo li leshome. Eitse hoba e be mohlophisi oa koranta ea kereke, o ile a sebelisa boemo ba hae ho ngola lihlooho tse hanyetsang Lipaki tsa Jehova. O entse sena le hoja ho ne ho se mohla a kileng a kopana le e mong oa tsona.
Ka mor’a nako e itseng, James o ile a tlohela mosebetsi oa koranta ea kereke ’me ea e-ba mong’a hotele ea atlehileng. Ka letsatsi le leng ha a ntse a lutse sebakeng sa kamohelo ea baeti hoteleng ea hae, baralib’abo rōna ba babeli ba neng ba apere hantle ba ile ba fihla ho eena. Ha a bona moaparo oa bona o makhethe, o ile a ba amohela. Empa eitse ha ba bolela morero oa ketelo ea bona, a re, “Ha ke na nako ea ho bua le lōna.” Lipaki li ile tsa mo khothalletsa hore a etse peeletso ea limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha!, ’me a lumela feela hore a mpe a li hleke tseleng. Limakasine li ile tsa fihla ha hae ka likhoeli tse 12, empa o ne a li kenya ka mokotleng oa polasetiki a sa li ntša ka har’a liphutheloana tsa tsona.
Ntoa ea lehae e ne e ntse e kupa, kahoo James a tlatsa mokotla ka chelete le matlotlo a hae a bohlokoa e le hore a ka baleha hang feela ha ho bonahala pontšo ea pele ea ho hlasela. Hoseng ho hong bomo e ile ea phatlohela pel’a monyako oa ntlo ea hae o ka morao, eaba o phamola mokotla oa hae a tšohile ’me a baleha ho pholosa bophelo ba hae. Ha a kena har’a baahi ba likete-kete ba neng ba baleha, o ne a lokela ho feta libakeng tse ngata tsa ho phenyekolloa. Libakeng tseo, hangata baahi ba se nang molato ba ne ba tlatlaptjoa ’me ba bolaoa ntle ho lebaka.
Sebakeng sa pele sa ho phenyekolloa, James o ile a botsoa lipotso tse ’maloa ’me a bolelloa hore a bule mokotla oa hae. Ha a o butse, o ile a sheba ka har’a mokotla oa hae ’me ha aa ka a lumela seo a ileng a se bona. O ile a tšoha haholo ha a bona hore mokotla oo a o nkileng hase oona o neng o tšetse matlotlo a hae a bohlokoa. Ka ho tšoha, o ne a nkile mokotla o neng o tšetse limakasine tsohle tse sa buloang tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Leha ho le joalo, eitse ha lesole le bona limakasine tseo ’me le bona lebitso la hae sephutheloaneng sa tsona, la re: “Oo, uena u e mong oa Lipaki tsa Jehova. Ha re batle lōna, rea tseba hore ha le bue leshano.” Ka mor’a hore lesole leo le ntše limakasine tse ’maloa ka mokotleng oo, la bolella James hore a tsamaee.
Ho ile ha etsahala ntho e tšoanang libakeng tse robong tse fapaneng tsa ho phenyekolloa ha balaoli bohle ba ne ba nahana hore James e ne e le e mong oa Lipaki tsa Jehova ’me ba mo lumella hore a fete a sa ntšoa kotsi. Joale James o ne a leboha hore ebe ha aa ka a tla le matlotlo a hae a bohlokoa hobane ho ea ka seo a se boneng, ka sebele a ka be a bolaetsoe matlotlo a hae.
Eitse ha a qetella a fihlile sebakeng sa ho qetela le se tšajoang ka ho fetisisa sa ho phenyekolloa, o ile a feroha libete ha a bona litopo tse ngata li tjapaletse fatše. A tšohile, o ile a kōpa thuso ka lebitso la Jehova. O ile a rapela hore haeba Molimo a ka mo thusa hore a fete sebakeng sena sa polao, o tla mo sebeletsa bophelong bohle ba hae.
James o ile a isa mokotla oa hae ho masole, ’me masole ao a boela a re: “Ha re batle batho bana.” Ha a mo sheba, a phaella ka hore: “E mong oa barab’eno o lula tlaase mane ha u theosa le leralla lena. E-ea ho eena.” Ka nako ena maikutlo a James ka Lipaki a ne a fetohile ka ho feletseng. Kapele-pele o ile a iteanya le morab’o rōna eo, ’me ha etsoa litokisetso tsa thuto ea Bibele ka buka ea U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng.a
Matsatsi a seng makae hamorao, tlhaselo e ile ea mo qobella hore a balehe sebakeng seo. Lekhetlong lena, James o ile a balehela morung a fupere buka ea hae ea Phela ka ho sa Feleng feela! Ka likhoeli tse 11 tseo a neng a se haufi le Lipaki, o ile a ithuta buka ea hae ka makhetlo a mahlano. Qetellong ha a khona ho khutlela motseng, o ile a qalisa bocha thuto ea hae ea Bibele le Lipaki ’me a tsoela pele ka potlako. Nakoana hamorao, o ile a kolobetsoa, ’me hona joale o sebeletsa ka botšepehi le barab’abo ba moea.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.