Lerato le Matla ho Feta la ’Mè
BO-’MÈ ba lahlela masea a bona a sa tsoa tsoaloa liteisheneng tsa literene, matloaneng a sechaba, kapa literateng tse phetheselang. Ka linako tse ling, batho ba hlekang lithōle ba ile ba fumana masea a manyenyane a khathetseng ke ho llela bo-’m’a ’ona ka meqomong ea lithōle. Ho ea ka O Estado de S. Paulo, “litlaleho tsa bana ba siuoang literateng lia eketseha.” Ke ’nete hore ’mè e monyenyane a ka ’na a ikoahlaela qeto eo a e entseng hamorao. Leha ho le joalo, o tsoela pele, esita le hoja seo se ka ’na sa bolela ho lahleheloa ke bophelo ho ngoana oa hae.
U ka ’na oa ipotsa, ‘Ke joang ’mè a ka nahanang ka ho lahla lesea la hae empa a sa tsebe se tla le hlahela?’ Bibele e sebelisa boemo ba litaba bo bohloko joalo ho tšoantšetsa boikutlo bo matla boo ’Mōpi oa rōna a nang le bona ho batho ba hae: “Hleka mosali a ka lebala lesea leo a le anyesang na? Na a ka lesa ho hauhela ngoan’a mala a hae na? Empa le hoja a ka mo lebala, ’na, nke ke ka ba ka u lebala.”—Esaia 49:15.
Ka sebele, Molimo o re rata ka ho tebileng ’me o bontša ho tsotella litlhoko tsa rōna, ho feta ’mè leha e le ofe oa motho. Ebang u mocha kapa u motho e moholo, ho sa tsotellehe hore na u ka tobana le bothata bofe, ha u mong. ’Mōpi oa hao o batla ho u thusa ’me o thahasella boiketlo ba hao. Ho ea ka mantsoe a mopesaleme, “leha ntate le ’mè ba ka ntahla, Jehova o tla nthola.”—Pesaleme ea 27:10.
Lefatšeng ka bophara, ho hatisoa limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! bakeng sa ho fana ka tsebo ea “Molimo eo e leng eena feela oa ’nete,” Jehova le Mor’a hae Jesu Kreste, e leng ho ka bolelang bophelo bo sa feleng ho ba e amohelang ka kananelo.—Johanne 17:3.