Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w99 1/15 leq. 32
  • “Le ka Tsela eo Molimo a Lebeletseng Hore re be ka Eona”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Le ka Tsela eo Molimo a Lebeletseng Hore re be ka Eona”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
w99 1/15 leq. 32

“Le ka Tsela eo Molimo a Lebeletseng Hore re be ka Eona”

HA BAKRESTE ba sebelisana le ba boholong lefatšeng “ka lebaka la Khosi,” ba ka lebella ho ‘rorisoa [joaloka] baetsi ba se molemo.’ (1 Petrose 2:13-15) Lipaki tsa Jehova tsa Afrika Boroa li bile le phihlelo ena nakong e seng kae e fetileng kopanong ea setereke eo li neng li e tšoaretse holong ea koleche e itseng.

Letsatsing la pele la kopano, mapolesa a tšireletso a koleche ena a ile a itokisetsa palo e tloaelehileng ea baeti ba bohale le ba hlokang tšebelisano-’moho, ba kang bao a ’nileng a sebetsana le bona likopanong tsa mefuta e meng. Leha ho le joalo, kaha ho ne ho se mohla a kileng a sebetsana le Lipaki tsa Jehova, a ile a hlolloa!

E le karolo ea tlhahlobo ea ’ona ea tšireletseho lihekeng, mapolesa ana a tšireletso a ile a phenya-phenya koloi e ’ngoe le e ’ngoe e kenang le e tsoang setšeng. A ile a makala ha a lumelisoa ka botsoalle, a bontšoa mamello le tlhompho, esita le hoja ho phenya-phenya hoo ho ne ho liehisa baeti. Ho hang ha hoa ka ha e-ba le khanyetso, likhang le mahlapa tse tloaelehileng. Ofisiri e ’ngoe ea tšireletso e ile ea re: “Ho fapana le baeti ba bang, le bontša moea oa boikokobetso le boitlhompho tse totobetseng ho rōna kaofela.”

Hang feela ha mookameli oa tšireletso a lemoha boitšoaro ba Lipaki tsa Jehova bo nang le tšebelisano-’moho, o ile a etsa qeto ea hore ha ho hlokahale hore likoloi li phenya-phenngoe, a re: “Hobane, ka sebele le laolehile.” Ka lebaka leo, likoloi tse nang le matšoao a ho paka a “JW” li ne li lumelloa ho kena li sa phenya-phenngoe.

Ha kopano ena e fela, mookameli oa tšireletso o ile a re o lakatsa ho bona Lipaki li tla hape haufinyane. O ile a re: “Ha re e-s’o bone batho ba itšoereng hantle hakana. Le ka tsela eo Molimo a lebeletseng hore re be ka eona.” Pabatso e joalo ke khothatso e eketsehileng ho Bakreste ba ’nete ea hore ba ‘boloke boitšoaro bo botle’ e le hore batho ‘ba ka tlotlisa Molimo ka lebaka la mesebetsi ea bona e metle eo e leng lipaki tsa eona tse boneng ka mahlo.’—1 Petrose 2:12.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela