Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w99 2/15 leq. 32
  • “Ke Ile ka Fumana e le Tikoloho e Renang Khotso”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Ke Ile ka Fumana e le Tikoloho e Renang Khotso”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
w99 2/15 leq. 32

“Ke Ile ka Fumana e le Tikoloho e Renang Khotso”

MONNA e mong ea buang Sejeremane o ile a ea kopanong e neng e hlophisitsoe ke Lipaki tsa Jehova ho ea “fokisa” Lipaki. Hobane’ng? Sepheo sa hae e ne e le “ho pepesa sehlopha sena sa bolumeli le ho sireletsa metsoalle ea hae hore e se ke ea khelosoa.” Ka mor’a ho ba teng kopanong eo, o ile a ngolla metsoalle ea hae lengolo lena le latelang:

“Ha ke atamela lebaleng la kopano, ke ile ka ipotsa hore na ebe sena ke sona sebaka se nepahetseng. Ho ne ho sa bonahale motho ea ntseng a solla, fatše ho ne ho se na lithōle leha e le ’ona makotikoti a joala. Ha ke ntse ke atamela, ke ile ka bona banna ba bang ba babeli ba eme keiting ea lebala. Ba ile ba ntumelisa ’me ba re ke kene ka hare.

“Ke ne ke lebeletse ho utloa lerata la batho ba likete bao ho neng ho hakantsoe hore ba tla ba teng, empa ho ne ho itse tu! Ke ile ka nahana hore ‘mohlomong e mpa e le batho ba seng bakae feela ba itjalileng le lebala.’

“Hang feela ha ke kena, tlhokomelo ea ka e ile ea haptjoa ke tšoantšiso e neng e ntse e tsoela pele sethaleng. Ke ile ka tla hlokomela e se e le morao hore lebala leo le tletse tsoete! ka bamameli ba likete ba mametseng ka tsebe e lethoethoe. Ke ile ka fumana e le tikoloho e renang khotso. Seo ke ileng ka se utloa, ka se bona le ho se hlokomela nakong e setseng ea kopano eo se ile sa ntšiea ke hloletsoe.

“Ha ke ntse ke itsoakanya le Lipaki, ke ile ka hlokomela thabo e lifahlehong tsa tsona le lerato leo li le bontšang. Hona hoo, ke ile ka sitoa ho iphapanyetsa ’nete ea hore ‘Bana ka sebele ke bona batho ba Molimo!’”

Ho e-na le hore mohlankana eo a ‘sireletse metsoalle ea hae hore e se ke ea khelosoa,’ o ile a e kōpa hore e ithute Bibele le eena. Phello e bile efe? Kajeno, ke moholo oa Mokreste. Eena hammoho le lelapa la hae ba kopanela ka mafolofolo le phutheho e ’ngoe e Zug, Switzerland.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela