Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w99 5/15 leq. 32
  • Pefo—E Tla Tloha e Fella Ruri!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Pefo—E Tla Tloha e Fella Ruri!
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
w99 5/15 leq. 32

Pefo—E Tla Tloha e Fella Ruri!

“Pefo e Beha Sechaba Kotsing”—The New york Times, United States.

“Pefo ea ka Lapeng”—O Globo, Brazil.

“Pefo e Sokela Basali Lefatšeng”—The Globe and Mail, Canada.

LIHLOOHO tsena tsa litaba tse tsoang likoranteng tsa Amerika Leboea le Boroa li bontša tšekamelo e tšoenyang lefatšeng lohle. Joalokaha Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo o sa tsoa bontša, “pefo ka mefuta eohle ea eona e eketsehile haholo lilemong tse mashome tsa morao tjena.”

Nahana ka lipalo-palo tse etsang hore motho a nahane ka ho teba:

Lipolao. Latin America le Caribbean, batho ba ka bang 1 250 ba bolaoa ka mabifi letsatsi le letsatsi. Phello ke hore, “halofong ea linaha tsa sebaka seo, polao ke sesosa sa bobeli se ka sehloohong sa lefu ho bacha ba lilemo li 15-24.”

Pefo khahlanong le bana. Ho shapuoa ha bana, ho hlekefetsoa ha bona ka likamano tsa botona le botšehali le maikutlong ke mathata a teng lefatšeng lohle. Ka mohlala, “liphuputso tse etsoang ho batho ba baholo linaheng tse ngata tse nang le liindasteri tse tsoetseng pele li bontša hore 10% ho ea ho 15% ea bana ke liphofu tsa ho hlekefetsoa ka likamano tsa botona le botšehali—bongata ba bona ke banana.”

Pefo khahlanong le basali. Ka mor’a ho etsa lipatlisiso ka ho hatakeloa ha litokelo tsa botho ho entsoeng lefatšeng lohle ka 1997, bafuputsi ba ile ba etsa qeto ea hore “pefo ea ka lapeng e bile se seng sa lisosa tse ka sehloohong tsa ho lemala ha basali hoo e ka bang naheng e ’ngoe le e ’ngoe lefatšeng.” (Human Rights Watch World Report 1998) Pefo ea ka lapeng, e le bothata bo atileng empa e le bo sa atiseng ho tlalehoa, hona joale e bitsoa “maqakabetsi a sa tlalehoeng a lekholo la bo20 la lilemo.”—The Globe and Mail, Canada.

Mehleng ea Noe lefatše le ne le “tletse pefo” ka tsela e tšoanang. (Genese 6:9-12, NW) Empa Jehova Molimo o ile a pholosa ‘’moleli eo oa ho loka’ le lelapa la hae “ha a tlisa moroallo holim’a lefatše la batho ba se nang bomolimo.” Molimo o tla nka bohato bo tšoanang mehleng ea rōna. O tla pholosa “batho ba boinehelo ba bomolimo” ha a felisa ba mabifi le ba khopo ’me a etsa lefatše lena paradeise lefatšeng la hae le lecha le tšepisitsoeng. (2 Petrose 2:4-9; 3:11-13) Na ha u thabisoe ke ho tseba hore pefo e tla tloha e fella ruri?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela