Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w99 6/1 leq. 32
  • Ho Sireletsa Botumo bo Botle

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Sireletsa Botumo bo Botle
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
w99 6/1 leq. 32

Ho Sireletsa Botumo bo Botle

HO HLAHLOBA setšoantšo se setle se pentiloeng ka hloko e ka ba phihlelo e khotsofatsang. Ha motho a se nyakurela, o tla hlokomela hore moetsi oa litšoantšo o takile metoa e makholo ka borashe ho kenya mebala e sa tšoaneng sekotong sa lesela.

Ka ho tšoanang, ha re tšoantšetsa, botumo bo botle ha bo etsoe ka motoa o le mong oa borashe o sephara, empa bo etsoa ka liketso tse ngata tse nyenyane ka nako e itseng. E, botumo ba rōna bo hahuoa hanyane ka hanyane ka liketso tseo re li etsang.

Ka lehlakoreng le leng, motoa o le mong o sa lulang sebakeng sa oona o ka theola theko ea setšoantšo. Ho joalo le ka botumo ba rōna. Morena Solomone ea bohlale o itse: ‘Booatla ba motho ke bona bo mo khelosang tsela.’ (Liproverbia 19:3) Sohle se hlokahalang ho silafatsa botumo bo botle ke seo ho thoe’ng ke booatla bo bonyenyane—mohlomong ho phasoloha ka bohale, ho inehela takatsong ea ho noa lino tse tahang ka ho tlōlisang kapa ketso e le ’ngoe ea boitšoaro bo litšila. (Liproverbia 6:32; 14:17; 20:1) Ka lebaka leo, ke habohlokoa hakaakang hore re loanele ho ba le botumo bo botle ’me re sebetse ka cheseho ho bo boloka!—Bapisa le Tšenolo 3:5.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela